Ho Rata ba “Amanang le Rōna Tumelong”
BAKRESTE ba ’nete ba na le tlamo e kang ea lelapa har’a bona. Ka sebele, ho tloha lekholong la pele la lilemo C.E., ba ’nile ba bitsana “mor’eso” le “morali’eso.” (Mareka 3:31-35; Filemone 1, 2) Ana hase mantsoe feela tjee; ke tlhaloso ea kamoo barapeli ba Molimo ba ikutloang kateng e mong ka e mong. (Bapisa le 1 Johanne 4:7, 8.) Jesu o itse: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:35.
Lerato le joalo le ile la totobala ka July 1997 ha komello ea nako e telele e lateloa ke lipula tsa litloebelele le likhohola Chile. Ka tšohanyetso, ba bangata ba ne ba se na lijo, liaparo le lintho tse ling. Maemong a koluoa, Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho latela keletso ea Pauluse ho Bagalata: “Ka sebele, joale, hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.”—Bagalata 6:10.
Kahoo, kapele Lipaki tsa Jehova li ile tsa itokisetsa ho arabela. Lijo, liaparo le lintho tse kang tseo li ile tsa bokelloa, tsa aroloa ka lihlopha, tsa pakoa, eaba li romeloa sebakeng sa koluoa. Bana ba bile ba fana ka lintho tsa ho bapala! Morali’abo rōna e mong o ile a makala ha a ne a bona Holo ea ’Muso e tletse liphallelo. O re: “Ke ile ka ema ke maketse, ke sa tsebe hore na ke tšehe kapa ke lle. E ne e le seo re neng re se hloka hantle.”
Joale, ka tšohanyetso, tšisinyeho ea lefatše e ile ea hlasela karolo ea sebaka sona seo se hlasetsoeng ke moroallo. Matlo a mangata a ile a heleha. Ho khahlanyetsa tlhoko ena, ho ile ha thehoa likomiti tse eketsehileng tsa liphallelo. Likomiti tsa Kaho tsa Libaka, tseo ka tloaelo li sebetsanang le kaho ea libaka tseo Lipaki tsa Jehova li kopanelang ho tsona, li ile tsa kenella ’me tsa tšehetsa. Phello e bile efe? Matlo a itekanetseng—ao barab’abo rōna ba ileng ba etsa lipolane tsa ’ona le ho a haha—a ile a fuoa bao matlo a bona a neng a senyehile. Le hoja matlo ana a ne a se majabajaba, a ne a fapane hōle le ao ba bang ba neng ba fana ka liphallelo ba neng ba alimana ka ’ona, a neng a se na fuluru le lifensetere a bile a sa pentoa.
Barab’abo rōna ba bang ba ile ba tsamaea libaka tse telele ho ea thusa. Molula-setulo oa Komiti e ’ngoe ea Kaho ea Libaka o ile a tsamaea haholo ka matsatsi a mabeli a latellanang—ho sa tsotellehe taba ea hore o setulong sa likooa ka linako tsohle. Mor’abo rōna e mong oa sefofu o ile a sebetsa ka thata, a neheletsa ’metli lehong, eena a le poma ho latela bolelele bo hlokahalang. Mor’abo rōna oa setholo o ne a bokella lehong ’me a le isa moo le neng le hlokahala teng.
Batho ba bangata ba neng ba shebeletse ba ile ba khahloa ke thuso eo barab’abo rōna ba fanang ka eona. Toropong e ’ngoe koloi ea mapolesa e ne e pakiloe pel’a ntlo ea morali’abo rōna e neng e lokisoa. Mapolesa ana a ne a labalabela ho tseba se etsahalang. Le leng le ile la botsa mor’abo rōna e mong: “Basebetsi baa ba bonahalang ba thabile hakaale ke bo-mang, hona ba lefshoa bokae?” Mor’abo rōna o ile a hlalosa hore kaofela ke baithaopi. Ofisiri e ’ngoe e ile ea hlalosa hore khoeli le khoeli e ne e lefa karolo ea leshome kerekeng ea eona, empa moruti oa eona o ne a e-s’o e etele esale ho e-ba le tšisinyeho ea lefatše! Letsatsing le latelang morali’abo rōna o ile a founeloa ke ofisiri ea sepolesa. Le eona e ne e ile ea bona basebetsi bana. E ile ea re e ile ea khahloa ke moea oa cheseho oa basebetsi hoo e batlileng e kenella!
Ka sebele, mosebetsi oa ho fana ka liphallelo Chile e bile phihlelo e thabisang ho baithaopi le bopaki bo botle haholo ho batho ba neng ba shebeletse.