Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 8/1 leq. 32
  • Khethollo ea Morabe le Bolumeli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khethollo ea Morabe le Bolumeli
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 8/1 leq. 32

Khethollo ea Morabe le Bolumeli

“HA KE ne ke fihla United States ka 1978, ke ne ke lumela hore ke khale Amerika e rarolotse mathata a eona a khethollo ea morabe, hore batho ba batšo e ne e le baahi ba lekanang le ba bang,” ho boletse joalo Mark Mathabane, sengoli se hlahetseng Afrika Boroa, ha a ne a buisana le ba makasine ea Time. “Ka litsela tse ngata, ke ile ka fumana hore seo ke ’nete. Ho ne ho bonahala eka United States e siile Afrika Boroa ka lilemo tse lekholo. Joale, ho ileng ha nkhopisa ke ha ke hlokomela hore batho ba ne ba ntse ba sa fetoha hakaalo ka lipelong.” Ke eng se ileng sa etsa hore a hlokomele taba eo e tšosang?

Mathabane o ile a re: “E ’ngoe ea lihora tseo ka tsona batho ba khetholloang ka ho fetisisa Amerika ke hora ea 11 hoseng ka Sontaha.” O ile a hlokomela hore esita le ka kerekeng, batho ba leqe hore ba kopane hammoho borapeling le batho ba morabe o mong. O ile a botsa: “Joale ebe boikutlo ba bona e ka ba bofe matsatsing a mang a beke?” Ha a bolela hore thuto e ka phetha karolo ea bohlokoa bakeng sa ho tlisa phetoho, Mathabane o ile a re: “Thuto e etsa hore u amohele ho leka-lekana ha batho.”

Lipaki tsa Jehova lia lumela hore thuto ke tharollo, empa haholo-holo li buella thuto e thehiloeng Lentsoeng la Molimo. E, Bibele e li thusa hore li hlōle litšitiso tsa khethollo ea morabe—esita le linaheng tseo ho tsona lehloeo la morabe le atileng. Beke e ’ngoe le e ’ngoe Liholong tsa ’Muso tsa tsona, batho ba merabe e sa tšoaneng le lichaba ba bokana hammoho hore ba rutoe melao-motheo ea Lentsoe la Molimo, Bibele. Ha ho nkoe koleke libokeng tsena. Ua amoheloa hore u be teng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela