Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 12/15 leq. 32
  • “Re ka Tsosa Lipharishe Tsa Rōna Joang?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Re ka Tsosa Lipharishe Tsa Rōna Joang?”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 12/15 leq. 32

“Re ka Tsosa Lipharishe Tsa Rōna Joang?”

POTSO eo, e sa tsoa botsoa ke makasine ea K’hatholike ea Sefora Famille Chrétienne (Lelapa la Bokreste), ha e makatse ho ba bangata. Mok’hadinale Hume oa Brithani o bile a bitsa lipharishe tsa kereke “linatla tse robetseng.” Ho ’nile ha etsoa tlhahiso ea hore ho be le lihlopha tsa lipharishe tsa baboleli e le tsela ea ho thibela ho otsela. Moprista oa Motaliana o ho bitsa “ho bolela evangeli ka ho toba ka mekhoa e mecha.” Le hoja mopapa a sa tsoa khothalletsa boiteko bo joalo, hase bohle ba bonang ho hlokahala hore ba bolelle ba bang tumelo ea bona.

Pigi Perini, moruti oa Milan, o sa tsoa etela Afrika, moo moitlami e mong oa mosali a ileng a mo bolella: “Ke bile mona ka lilemo tse 40, ’me ke atlehile hore le ka mohla ke se ke ka bitsa lebitso la Jesu e le hore ke se ke ka senya setso sa Afrika.” Moruti enoa o phetha ka ho re: “Ha re sa bua ka Jesu, ha re sa bolella batho ka Jesu, ha re sa bolela kosepele!” Leha ho le joalo, ho ba bang ba bangata, ho bolela ke karolo ea bohlokoa ea bophelo ba bona le tsela ea ho lula ba falimehile moeeng. Pigi Perini oa lumela: “U teana le batho ba babeli ba buang ka Kreste ’marakeng, kapa ba kentseng Bibele ka lehafing, ’me ua ipolella: Bano ke Lipaki tsa Jehova!”

Batho ba limilione ba thabela ho buisana le Lipaki tsa Jehova ka Lentsoe la Molimo. Ha ho pelaelo hore Lipaki li lokiselitse ho buisana le batho ka Bibele motseng oa heno. Joaloka lekholong la pele la lilemo, Bakreste bana ba chesehang ba khothalletsana ho bolela tumelo ea bona ho ba bang. Libaka tseo ba kopanelang ho tsona (tse bitsoang Liholo tsa ’Muso) ke libaka tse mofuthu le tsa botsoalle. Ke hobane’ng ha u sa be teng ho se seng sa liboka tse lokiselitsoeng ke Lipaki tsa Jehova ’me u bone kamoo u ka loantšang ho otsela ho sa tloaelehang moeeng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela