Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 9/1 leq. 32
  • Boemo Boo ho Bona ho Thōla ho Bontšang ho Lumela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boemo Boo ho Bona ho Thōla ho Bontšang ho Lumela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 9/1 leq. 32

Boemo Boo ho Bona ho Thōla ho Bontšang ho Lumela

BUKA ea Betrayal—German Churches and the Holocaust e pepesa karolo e ileng ea phethoa ke bolumeli pusong ea Bonazi. Buka ena e tiisa hore “ho ne ho tloaelehile hore Bakreste ba tšehetse ’muso, ’me ba bangata ba ile ba koala molomo ha ho hlorisoa Bajuda. Boemong bona, ho thōla ho bua ho feta lipolelo.”

Ke eng e ileng ea hohella Bakreste ka lebitso Bonazing? Kamoo buka ena e hlalosang kateng, ba bangata ba ile ba thetsoa ke ‘tsela ea molao le taolo eo Hitler a neng a e buella ho sechaba sa Jeremane.’ E re: “O ne a hanyetsa libuka tsa bootsoa, botekatse, ho ntšoa ha limpa, bosodoma le ‘manyala’ a mesebetsi ea bonono ea kajeno, ’me basali ba belehang bana ba bane, ba tšeletseng le ba robeli o ne a ba putsa ka likhau tsa boronse, silevera le khauta, kahoo a ba khothalletsa ho phetha moetlo oa bona malapeng. Boipiletso bona ba hore ho bolokoe moetlo hammoho le boikutlo ba hore sesole se itelle sechaba boo Hitler a ileng a bo khothalletsa kahobane sechaba se ne se hobositsoe ka Selekane sa Versailles, bo ile ba etsa hore Bonazi e be khopolo e ntle ho ba bangata, esita le ho Bakreste ba bangata, ba Jeremane.”

Sehlopha se seng se ile sa ikhetholla ka ho totobetseng. Betrayal e re: “Lipaki tsa Jehova li ile tsa hana ho kopanela pefong kapa tšebelisong ea matla a sesole.” Ntle ho tikatiko, sena se ile sa etsa hore sehlopha sena se senyenyane se hlaseloe ka matla, ’me litho tse ngata tsa sona li ile tsa kenngoa likampong tsa mahloriso. Leha ho le joalo, ba bang ba neng ba bolela hore ke balateli ba Kreste ha baa ka ba ipelaetsa. Buka ena ha e tsoela pele e re: “Mak’hatholike le Maprostanta ka kakaretso a ile a hloea Lipaki tsa Jehova, ho e-na le ho li qenehela, ’me a ile a khetha mekhoa e sehlōhō ea Hitler ho e-na le ea ho hanyetsa ntoa ea Lipaki.” Ha ho pelaelo hore ho thōla ha ’ona ho ile ha eketsa tšoaro e mpe ea Lipaki ’musong oa Manazi.

Ha ho kena-kenana ha likereke le lipolotiki tsa Bonazi ho ntse ho tsoela pele e le sesosa sa khang e matla, Betrayal e bitsa Lipaki tsa Jehova “sehlopha sa bolumeli se ileng sa hana ho thoholetsa ’muso kapa ho sebelisana le oona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela