Na U ka Thaba e le Kannete?
GEORGE o ne a bososela ha a lumelisa motho e mong le e mong. Ho eena, bophelo e ne e le mpho ea bohlokoa e lokelang ho thabeloa. Thabo ea hae le tebello ea hae ea ho atleha e ne e le tšobotsi e mo khethollang—haholo-holo ha a ne a qala ho ba le mahlaba a botsofali. George o ne a tsebahala e le motho ea thabileng ho fihlela mohla a shoang. Na u thabile joaloka George? Na u talima letsatsi le leng le le leng le latelang e le mpho e lokelang ho thabeloa? Kapa na u ba monyebe u bile u ba le tšabo ha u lebeletse letsatsi le hlahlamang? Na ho na le se u hlokisang thabo?
Thabo e ’nile ea hlalosoa e le boemo ba ho ikutloa hamonate boo e batlang e le ba ho-ea-ho-ile. Bo khetholloa ka maikutlo a tlohang ho khotsofaleng ho ea nyakallong e tebileng le e matla le ka takatso ea tlhaho ea hore boemo boo bo tsoele pele. Na ka sebele ho na le thabo e joalo?
Kajeno, batho ba buella maikutlo a hore batho ba ne ba tla thaba hafeela ba ruile ka ho lekaneng. Ba limilione ba lula ba phathahane ha ba ikitlaelletsa ho rua. Ka ho etsa joalo, ba bangata ba tela likamano tsa bona le batho ba bang le lintho tse ling tsa bohlokoa bophelong. Joaloka bohloa seolong, ba hlaphasela ba sa khaotse, ’me ba na le nako e fokolang ea ho inahana ebile ha ba na nako ea ho ba hammoho. Hoa utloahala hore ebe tlaleho ea Los Angeles Times e re: “Palo ea batho bao e reng ha lingaka li ba hlahloba li fumanang hore ba tepeletse maikutlo e ntse e phahama, ’me palo ea batho ba lilemo li tlaase ba [tepellang maikutlo] e ntse e eketseha. . . . Lithethefatsi tse thibelang ho tepella maikutlo ke tsona tse rekoang ho feta tsohle.” Ba limilione ba itebatsa litsietsi ka ho sebelisa lithethefatsi tseo molao o li hanelang kapa ka ho noa joala. Ba bang ba kenoa ke moea oa ho reka ha ba ikutloa ba tepeletse maikutlo. Phuputsong e ’ngoe, koranta ea Brithani ea The Guardian e re: “Ho ile ha totobala hore basali ke bona ba bang le tšekamelo ea ho iphekola lefu la kelello ka ho reka. Ho ile ha totobala hore ba feta banna ba rekang ha ba tepeletse maikutlo ka makhetlo a mararo.”
Leha ho le joalo, thabo ea ’nete ha e fumanoe mabenkeleng, joaleng, pilising, enteng, kapa cheleteng e bankeng. Thabo ha e rekoe; e fumanoa ntle ho tefo. Re ka fumana mpho ea bohlokoa joalo hokae? Re tla buisana ka taba eo sehloohong se latelang.