Ketsahalo e sa Lokelang ho U Feta
“Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng” e theoha ho Molimo, e leng Ntate oa rōna oa leholimo.—Jakobo 1:17.
MPHO e khōlō ka ho fetisisa eo Molimo a e fileng moloko oa batho ba baetsalibe ke tokisetso ea ho ba pholosa sebeng ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste. Lefu la Jesu, Morekolli oa rōna, le re nolofalletsa ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ho Luka 22:19, re laeloa ho hopola lefu la hae.
Lipaki tsa Jehova li u mema ka mofuthu hore u kopanele le tsona ho phetheng taelo ea Jesu. Ketsahalo ena ea selemo le selemo e tla ketekoa ka mor’a hore letsatsi le likele letsatsing le bapang le la 14 Nisane almanakeng ea Bibele e baloang ho latela khoeli e holimo—ka Sontaha sa la 8 April, 2001. Ngola letsatsi lena e le hore u se ke ua le lebala. Lipaki tsa Jehova tsa moo u lulang teng li ka u bolella hore na ho tla kopaneloa hokae ka nako mang.