Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ho 1 Petrose 4:3, re bala hore Bakreste ba bang ba ne ba kile ba kopanela “borapeling ba litšoantšo bo sa lumelloang.” Na hase ’nete hore Molimo ha a lumelle borapeli bohle ba litšoantšo, ’me oa bo nyatsa ebile o bo thibetse?
E, ponong ea Molimo, borapeli bohle ba litšoantšo ha boa lumelloa. Ba batlang kamohelo ea hae ba ke ke ba rapela litšoantšo.—1 Bakorinthe 5:11; Tšenolo 21:8.
Leha ho le joalo, ho bonahala eka moapostola Petrose o ne a bua ka borapeli ba litšoantšo ka kutloisiso e ’ngoe. Lebaka le leng ke hore lichabeng tse ngata tsa boholo-holo, borapeli ba litšoantšo bo ne bo tloaelehile ebile bo sa thibeloe ke ba boholong. Ka mantsoe a mang, molao oa naha o ne o sa thibele borapeli bo joalo ba litšoantšo. Borapeli bo bong ba litšoantšo e ne e bile e le karolo ea leano la sechaba kapa la ’muso. Ka kutloisiso ena, ba bang ba ne ba kopanetse ‘borapeling ba litšoantšo bo sa thibeloang ka molao’ pele e e-ba Bakreste. (Phetolelo ea Lefatše le Lecha, khatiso ea 1950 ea Senyesemane) Re hlokomele hore ka mohlala, Morena Nebukadnezare oa Babylona o ile a emisa setšoantšo se rapeloang sa khauta, empa bahlanka ba Jehova e leng Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba hana ho se rapela.—Daniele 3:1-12.
Maikutlo a mang ke hore mekete e mengata ea borapeli ba litšoantšo e ne e kopanyelletsa liketso tse khahlanong ka ho totobetseng le molao leha e le ofe oa tlhaho kapa molao oa boitšoaro o simolohang letsoalong leo motho a tsoetsoeng ka lona. (Baroma 2:14, 15) Moapostola Pauluse o ile a ngola ka mekhoa e bolileng e neng e le “khahlanong le tlhaho” ebile e le e “nyonyehang,” ’me hangata mekhoa ena e ne e etsoa meketeng ea bolumeli. (Baroma 1:26, 27) Banna le basali ba kopanelang borapeling ba litšoantšo bo sa lumelloang ba ne ba sa hlomphe thibelo ea molao e tsoang matsoalong a bona. Ka sebele ho ne ho loketse hore ba fetohang Bakreste ba tlohele mekhoa e joalo e senyang.
Ntle ho se ka holimo, Jehova Molimo o ne a nyatsa borapeli bo joalo ba litšoantšo bo neng bo tloaelehile ho batho bao e seng Bajuda. Kahoo bo ne bo le khahlanong le molao.a—Bakolose 3:5-7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Taba e ngotsoeng ea Segerike ho 1 Petrose 4:3 ka ho toba e bolela “borapeli ba litšoantšo bo khahlanong le molao.” Polelo ena e fetoletsoe ka mekhoa e sa tšoaneng Libibeleng tsa Senyesemane ka mantsoe a kang “borapeli ba litšoantšo bo sa lokelang,” “borapeli ba litšoantšo bo thibetsoeng” le “borapeli ba litšoantšo bo seng molaong.”