Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 7/15 leq. 32
  • “Na Ruri Molimo o Ahlolela Batho ho ea Cha Liheleng?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Na Ruri Molimo o Ahlolela Batho ho ea Cha Liheleng?”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 7/15 leq. 32

“Na Ruri Molimo o Ahlolela Batho ho ea Cha Liheleng?”

“Na le ithuta thuto ea bolumeli?”

Potso ena e ile ea makatsa Joel le Carl. Bahlankana bana ba babeli—bao e leng baithaopi ba sebeletsang ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York—ba ne ba ntse ba sheba libuka lebenkeleng la libuka le haufinyane. Ha Joel a ntse a hlahloba lik’honk’hodense tsa Bibele, Carl o ile a mo qoqela puisano eo a ileng a e thabela tšebeletsong. Monna e mong ea emeng haufi o ile a susumelletseha hore a ba atamele ka mor’a ho utloa puisano ena mona le mane.

Leha ho le joalo, monna enoa o ne a sa thahaselle feela ho tseba hore na ebe bahlankana bana ba babeli ba ne ba ithuta thuto ea bolumeli kapa che. O ile a hlalosa: “Ke Mojuda, ’me metsoalle e meng ea ka ea Bakreste e mpoleletse hore ke tla cha liheleng hobane Bajuda ba ile ba hana Jesu. Sena se ntšoenya haholo. Ha ho bonahale kahlolo e joalo e tsoang ho Molimo ea lerato e e-na le toka. Na ruri Molimo o ahlolela batho ho ea cha liheleng?”

Joel le Carl ba ile ba bolella monna enoa ea neng a sa iketsise hore ke liithuti tse tšepahalang tsa Bibele. Ba ile ba mo bontša ka Mangolo hore bafu ha ba ikutloe ba mpa ba robetse lefung ba emetse tsoho ea bafu. Kahoo, ha ba hlokofatsoe ebile ha ba mollong oa lihele o utloisang bohloko. (Pesaleme ea 146:3, 4; Moeklesia 9:5, 10; Daniele 12:13; Johanne 11:11-14, 23-26) Ha puisano ea bona ea metsotso e 45 e fela, monna enoa o ile a fa Joel le Carl aterese ea hae ’me a kōpa boitsebiso bo eketsehileng tabeng eo.

Haeba lihele e ne e le sebaka sa tlhokofatso ea mollo, na ho na le motho ea neng a ka kōpa hore a isoe teng? Leha ho le joalo, ha mopatriareka Jobo a ne a batla ho tsoa mahlomoleng ao a neng a le ho ’ona, o ile a etsa kōpo ena: “Ke mang ea tla nketsetsa see, hore u ntšireletse liheleng, ’me u mpate ho fihlela bohale ba hao bo feta?” (Jobo 14:13, Douay Version) Ka ho hlakileng, Jobo o ne a sa lumele hore lihele ke sebaka sa tlhokofatso. Ho e-na le hoo, o ne a batla tšireletso hona teng. Lefu ke ho se be teng, ’me lihele tsa Bibele ke lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho.

Haeba u ka lakatsa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa le hore na ho ka ba le tšepo efe ka mor’a moo, u mengoa ka mofuthu hore u amohele tlhahiso e latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela