Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 10/1 leq. 19
  • Ho Finyella Batho Bao ho Leng Thata ho ba Finyella

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Finyella Batho Bao ho Leng Thata ho ba Finyella
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipaki tsa Jehova—Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Bitsoang ka Lebitso Leo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Lebisa Liithuti Mokhatlong o Tšehetsang Lebitso la Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Karolo ea 8: Ho Lebisa Liithuti Mokhatlong o Hlophisitsoeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Video e Ncha! Kamoo e ka Sebelisoang ka Teng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 10/1 leq. 19

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ho Finyella Batho Bao ho Leng Thata ho ba Finyella

LIPAKI TSA JEHOVA li leka ka matla ho iteanya le motho e mong le e mong eo li ka khonang ho iteanya le eena ka molaetsa oa ’Muso. Ka linako tse ling, ho hlokahala boiteko bo fetang bo tloaelehileng ho finyella batho ba fumanehang ka seoelo malapeng. (Mareka 13:10) Mabapi le taba ena, pula-maliboho e mong ea khethehileng oa naheng e ’ngoe ea Amerika Leboea o pheta phihlelo e latelang.

“Ka letsatsi le leng ke ile ka hlokomela hore ’musisi oa profinse o ne a tla etela sebakeng seo ’na le mosali oa ka re neng re abetsoe ho sebetsa ho sona. Kaha ho ne ho hlakile hore e ne e le e mong oa batho ba fumanehang ka seoelo lapeng, ke ile ka mo ngolla lengolo ka ba ka kopanyelletsa le lingoliloeng tsa Bibele tse ’maloa, ho akarelletsa le bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo le buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Lengolong leo ke ile ka hlalosa morero oa sengoliloeng se seng le se seng.

“Kaha ke ne ke thahasella ho bona kamoo a tla arabela kateng mabapi le libuka tsena, ke ile ka kōpa ho teana le eena. Ka mor’a libeke tse seng kae ke ile ka lumelloa ho teana le eena, ’me ke ile ka ea ke tšoere video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. Re ile ra qeta lihora tse ka bang peli re ntse re buisana. Ka mor’a hore ke shebelle video eo le ’musisi, ke ile ka mo botsa hore na maikutlo a hae ka eona ke afe. O ile a re: ‘Ha ho na mokhatlo o tšoanang le oa lōna lefatšeng. Ke lakatsa eka nka be ke e-na le batho ba tšoanang le lōna ba neng ba ka nthusa hore ke qete merero ea ka ea puso!’ Ka mor’a moo o ile a mpotsa hore na ke se ke ile ka etela ntlo-khōlō ea lefatše ea mokhatlo oa rōna. Ke ile ka mo bolella hore le hoja eo e bile pakane ea ka ho tloha ke sa le lilemo li 14, ke ne ke e-s’o be le monyetla oa ho etela ntlo-khōlō ea lefatše e Brooklyn, New York. E ne e le e ’ngoe ea lipakane tseo ho leng thata ho li finyella. O ile a ntalimisisa ka nakoana. Eaba o re o batla hore ke fumane monyetla oo. O ile a etsa bonnete ba hore re fumana mangolo a tumello ’me a re fa litekete tsa sefofane e le mpho!

“Hona joale ’musisi eo o se a fumana limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! kamehla. Re tšepa hore haufinyane re tla khona ho qalisa thuto ea Bibele le eena.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela