Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 11/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U na le Tumelo e Kang ea Abrahama?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Abrahama—Motsoalle oa Molimo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Abrahama e ne e le Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 11/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Jehova o ile a etsetsa selekane sa hae le Abrahama Ure kapa Harane?

Tlaleho ea pele ea selekane sa Jehova le Abrahama e fumanoa ho Genese 12:1-3, e reng: “Jehova a re ho Abrame: ‘Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena le ntlong ea ntat’ao u ee naheng eo ke tla u bontša eona; ke tla u etsa sechaba se seholo . . . ’Me ka sebele malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa ka uena.’”a Mohlomong Jehova o ile a etsa selekane sena le Abrahama a sa le Ure ’me a se tiisa ha Abrahama a se a le Harane.

Lekholong la pele la lilemo, Setefane o ile a bua ka taelo ea Jehova ea hore Abrahama a fallele Kanana. Ha a bua le Sanhedrine, o ile a re: “Molimo oa khanya o ile a bonahala ho moholo-holo oa rōna Abrahama ha a ntse a le Mesopotamia, pele a lula Harane, a re ho eena, ‘Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena ’me u tl’o kena naheng eo ke tla u bontša eona.’” (Liketso 7:2, 3) Abrahama e ne e le letsoalloa la Ure, ’me joalokaha Setefane a ile a bontša, o ile a utloa taelo ea pele ea hore a ee Kanana a le hona moo. (Genese 15:7; Nehemia 9:7) Setefane ha aa ka a bua letho ka selekane sa Molimo le Abrahama, empa ho Genese 12:1-3, selekane seo se amahanngoa le taelo ea ho ea Kanana. Kahoo, ke ho utloahalang ho lumela hore Jehova o ile a etsa selekane seo le Abrahama Ure.

Leha ho le joalo, ho bala tlaleho ea Genese ka hloko ho bontša hore Jehova o ile a bolela selekane sa hae hape ho Abrahama Harane, feela joalokaha a ile a se pheta le ho fana ka makolopetso a likarolo tse ling tsa sona ka makhetlo a ’maloa Kanana. (Genese 15:5; 17:1-5; 18:18; 22:16-18) Ho ea ka Genese 11:31, 32, ntat’a Abrahama, Tera, o ile a tloha Ure a fallela Kanana, a e-na le Abrahama, Sara le Lota. Ba ile ba fihla Harane ’me ba lula moo ho fihlela Tera a e-shoa. Abrahama o ile a lula Harane ho fihlela a e-na le leruo le leholo. (Genese 12:5) Ka mor’a nako e itseng, Nakore, mor’abo Abrahama, le eena o ile a fallela moo.

Ka mor’a hore e bue ka lefu la Tera, Bibele e tlaleha mantsoe ao Jehova a ileng a a bua ho Abrahama ’me e tsoela pele e re: “Abrame a tsamaea feela joalokaha Jehova a buile le eena.” (Genese 12:4) Kahoo, Genese 11:31–12:4 e fana ka boikutlo bo matla ba hore Jehova o ile a bua mantsoe a tlalehiloeng ho Genese 12:1-3 ka mor’a lefu la Tera. Haeba ho le joalo, Abrahama o ile a tloha Harane a fallela lefatšeng leo Jehova a ileng a mo bontša lona e le ha a arabela taelong eo a neng a sa tsoa e utloa, haesita le eo a neng a e utloile lilemo pejana Ure.

Ho ea ka Genese 12:1, Jehova o ile a laela Abrahama a re: “Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena le ntlong ea ntat’ao.” Ure e ne e kile ea e-ba ‘naha’ ea habo Abrahama, ’me ‘ntlo’ ea ntat’ae e ne e le moo. Leha ho le joalo, ntat’a Abrahama o ile a fallisetsa ba ntlo ea hae Harane, ’me Abrahama o ile a bitsa sebaka seo naha ea habo. Ka mor’a lilemo tse ngata a le Kanana, ha a romela mohlanka oa hae ‘naheng ea habo le ho beng ka eena’ hore a il’o batlela Isaka mosali, mohlanka eo o ile a ea “motseng oa Nakore” (oo e ka ’nang eaba o ne o le Harane kapa kae-kae haufi le eona). (Genese 24:4, 10) Ha a le moo mohlanka eo o ile a fumana Rebeka har’a beng ka Abrahama, lelapeng le leholo la Nakore.—Genese 22:20-24; 24:15, 24, 29; 27:42, 43.

Ha a bua le Sanhedrine, Setefane o ile a re ka Abrahama: “Ka mor’a hore ntat’ae a shoe, Molimo a etsa hore a fetole sebaka sa hae sa bolulo ho tla naheng ena eo joale le lulang ho eona.” (Liketso 7:4) Sena se bontša hore Jehova o ile a buisana le Abrahama a le Harane. Ke ho utloahalang ho lumela hore nakong eo Jehova o ile a pheta selekane sa hae le Abrahama joalokaha ho tlalehiloe ho Genese 12:1-3, kaha selekane seo se ile sa qala ho sebetsa ha Abrahama a fallela Kanana. Ka lebaka leo, ho hlahlobisisa mabaka ’ohle ho lebisa sephethong sa hore ho ka ’na ha etsahala hore ebe Jehova o ile a etsetsa selekane sa hae le Abrahama Ure ’me a se tiisa Harane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Jehova o ile a fetola lebitso la Abrame hore e be Abrahama Kanana ha Abrahama a le lilemo li 99.—Genese 17:1, 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela