Na U Ananela Lerato la Molimo?
MONNA ea bitsoang Jobo o ile a hlalosa ho se phethahale ha motho ka mantsoe ana: “Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso. O hlahile joaloka thunthung ’me oa khaoloa, o baleha joaloka moriti ’me ha a tsoele pele a le teng.” (Jobo 14:1, 2) Ka nako eo Jobo o ne a aparetsoe ke bohloko le masoabi bophelong. Na u kile ua ikutloa ka tsela eo?
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata le likhathatso tseo re ka ’nang ra thulana le tsona, re na le tšepo e tiileng, e thehiloeng qenehelong ea Molimo le leratong la hae. Pele ho tsohle, Ntat’a rōna ea mohau oa leholimo o fane ka sehlabelo sa thekollo ho lopolla moloko oa batho boemong ba oona ba ho se phethahale le ba boetsalibe. Ho ea ka Johanne 3:16, 17, Jesu Kreste o itse: “Molimo o ratile lefatše [la moloko oa batho] haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng. Etsoe Molimo o rometse Mora oa hae [Jesu] lefatšeng, eseng hore a ahlole lefatše, empa hore lefatše le pholosoe ka eena.”
Hape, nahana ka mosa oa Molimo ho rōna batho ba sa phethahalang. Moapostola Pauluse o ile a re: “O entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle, ’me o laetse linako tse behiloeng le meeli e behiloeng ea ho lula ha batho, hore ba batle Molimo, haeba ba ka mo phopholetsa ’me ka sebele ba mo fumana, le hoja, ha e le hantle, a se hōle le e mong le e mong oa rōna.” (Liketso 17:26, 27) Ak’u nahane! Le hoja re le batho ba sa phethahalang, re ka ’na ra thabela ho ba le kamano le Jehova Molimo, ’Mōpi oa rōna ea lerato.
Joale, re ka tobana le bokamoso ka tšepo, re tseba hore Molimo oa re tsotella le hore ka lerato o lokiselitse thabo ea rōna ea ka ho sa feleng. (1 Petrose 5:7; 2 Petrose 3:13) Ke ’nete hore joale re na le mabaka ’ohle a ho ithuta ka Molimo oa rōna ea lerato ka ho ithuta Lentsoe la hae, e leng Bibele.