Mosa o Lerato ke oa Bohlokoa Hakae?
BIBELE e re: “Ntho e lakatsehang ho motho oa lefatše ke mosa oa hae o lerato.” (Liproverbia 19:22) Ruri ha lerato le susumelletsa motho ho bontša mosa, o etsa lintho tse babatsehang e le kannete. Leha ho le joalo, ka Bibeleng, poleloana e reng “mosa o lerato,” e bolela mosa o bontšoang ka lebaka la kamano e itseng e seng e ntse e le teng, e kang e hlahisitsoeng ke liketso tsa nakong e fetileng tsa mosa. Kahoo, e akarelletsa botšepehi.
Morena Joase oa Juda o ile a hlōleha ho bontša tšobotsi ena e lakatsehang. Rakhali’ae le Jehojada monna oa hae ba ne ba mo etselitse lintho tse khōlō haholo. Pele Joase a qeta selemo, nkhono’ae ea khopo o ile a iketsa mofumahali ’me a bolaea baholoane bohle ba Joase, bao e neng e le majalefa boreneng. Leha ho le joalo, o ile a hlōleha ho bolaea Joase e monyenyane kahobane rakhali’ae le monna oa hae ba ile ba mo pata ka hloko. Hape ba ile ba mo ruta Molao oa Molimo. Ha Joase a le lilemo li supileng, monna oa rakhali’ae o ile a sebelisa matla a hae e le moprista ea phahameng hore a bolaee mofumahali enoa ea khopo ’me a behe Joase boreneng.—2 Likronike 22:10–23:15.
Joase e monyenyane o ile a busa hantle ho fihlela lefung la monna oa rakhali’ae, empa ka mor’a moo a qala ho rapela melimo ea litšoantšo. Molimo o ile a roma Zakaria, eo e neng e le mora oa Jehojada, hore a thibe Joase bokoenehing. Joase o ile a re Zakaria a tlepetsoe ka majoe. O ile a etsa ketso e hlokang botšepehi hakaakang lelapeng le neng le mo etselitse lintho tse khōlō hakaalo!—2 Likronike 24:17-21.
Bibele e re: “Morena Joase ha aa ka a hopola mosa o lerato oo [ntat’a Zakaria] a neng a o bontšitse ho eena, hoo a ileng a bolaea mora oa hae.” Ha Zakaria a le makhatheng a lefu, o ile a re: “Jehova a ke a ho bone ’me a ho batle.” Tumellanong le mantsoe a Zakaria, Joase o ile a kula haholo ’me a bolaoa ke bahlanka ba hae.—2 Likronike 24:17-25.
Ba tlang ho ba le bokamoso bo babatsehang ke ba sa tl’o tšoana le Morena Joase empa ke bohle ba tla latela keletso ena e reng: “E se eka mosa o lerato le ’nete li ke ke tsa u tlohela. . . . Kahoo u fumane kamohelo . . . mahlong a Molimo le a motho oa lefatše.”—Liproverbia 3:3, 4.