‘Solomone ha aa ka a Apara Joaloka e ’Ngoe ea Tsena’
LIPALESA tsa naha tse kang tsena tse bontšitsoeng mona li atisa ho bonoa litseleng tsa Afrika e ka boroa. Li bitsoa likhahla ’me li qalile ho mela libakeng tsa Amerika tse mongobo tse chesang. Lipalesa tse ntle joalo li ka ’na tsa re hopotsa thuto eo Jesu a kileng a e ruta. Bamameli ba hae ba bangata ba ne ba futsanehile, ’me ba tšoenyehile ka litlhoko tsa bona tsa nama, lijo le liaparo.
Jesu o ile a botsa a re: “Tabeng ea liaparo, ke hobane’ng ha le tšoenyeha? Ithuteng ka likhahla tsa naha, kamoo li hōlang kateng; ha li sehle, leha e le hore lia ohla; empa ke re ho lōna esita le Solomone khanyeng eohle ea hae ha aa ka a apara joaloka e ’ngoe ea tsena.”—Matheu 6:28, 29.
Ho ’nile ha e-ba le maikutlo a sa tšoaneng tabeng ea hore na ke palesa ea mofuta ofe ea naha eo Jesu a neng a bua ka eona. Leha ho le joalo, Jesu o ile a tsoela pele ho e bapisa le limela tse ling tse tloaelehileng, a re: “Haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo, tse leng teng kajeno ’me hosasane li lahleloa ka ontong, na ho e-na le hoo a ke ke a le apesa haholo, lōna ba nang le tumelo e nyenyane?”—Matheu 6:30.
Le hoja likhahla li sa ka tsa qala ho mela Iseraele, ka sebele li tšehetsa thuto eo Jesu a neng a e ruta. Ebang li talingoa li le hōle kapa li le haufinyane, li ntle ka tsela e tsotehang ’me batho ba nkang lifoto le ba etsang litšoantšo baa li rata. Ka sebele, Jesu o ne a sa fetelletse taba ha a ne a re, “esita le Solomone khanyeng eohle ea hae ha aa ka a apara joaloka e ’ngoe ea tsena.”
Re ithuta’ng ho see kajeno? Ba sebeletsang Molimo ba ka kholiseha hore o tla ba thusa ho fumana lintho tse hlokahalang esita le ha ho le thata. Jesu o ile a hlalosa a re: “Le batle ’muso oa [Molimo] le sa khaotse, ’me lintho tsena [tse kang lijo le liaparo tse hlokahalang] le tla li ekeletsoa.” (Luka 12:31) E, ho batla ’Muso oa Molimo ho tlisa melemo ea sebele. Empa na ua tseba hore na ’Muso oa Molimo ke eng le hore na o tla etsetsa batho eng? Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho fumana likarabo Bibeleng.