Nako eo ka Eona Litšepiso li Tla Phethahala
HISTORING ho entsoe litšepiso tse ngata tse sa phethahatsoang. Hangata linaha li ’nile tsa hlōleha ho boloka litumellano tseo li li saenetseng ka tieo tsa ho se loane, ’me sena se kentse baahi ba tsona lintoeng tse tšabehang. Napoleon o kile a re: “Mebuso e boloka litšepiso tsa eona hafeela e qobelloa ho li boloka, kapa haeba ho etsa joalo ho tla e ruisa molemo.”
Ho thoe’ng ka litšepiso tse etsoang ke batho ka bomong? Ho soabisa hakaakang ha motho a sitoa ho phetha tšepiso ea hae! Boemo bo soabisa haholo haeba e le motho eo u mo tsebang ebile u mo tšepa. Ke ’nete hore ho ka etsahala hore ebe batho ha ba khone kapa ba hana ho phetha litšepiso tsa bona.
Ho na le phapang e khōlō hakaakang pakeng tsa litšepiso tsa batho le litšepiso tsa Molimo! Litšepiso tsa Molimo li tšepahala ka ho feletseng. Tšepiso leha e le efe eo Jehova Molimo a e etsang ho tšoana le ha e phethahetse. Ka sebele e tla phethahala. Ha e bua ka lentsoe la Molimo le sa hlōleheng, Esaia 55:11 e re: “Le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo. Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”
Kahoo, re lokela ho talima litšepiso tsa Molimo tse tlalehiloeng ka Bibeleng joang? Ka sebele re ka itšetleha ka tsona. Ka mohlala, moapostola Johanne o ile a ngola, a re: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) U ka thabela litlhohonolofatso tse joalo haeba u etsa lintho tumellanong le mantsoe a Jesu a reng: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.