Pale e Susumelletsang ho ba le Tumelo le Sebete—Lipaki Tsa Jehova Tsa Ukraine
JOALOKAHA Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba hlorisoa, le batho ba Molimo kajeno ba ’nile ba hlorisoa. (Matheu 10:22; Johanne 15:20) Hase libakeng tse ngata moo mahloriso a ’nileng a tsoela pele ka nako e telele kapa a e-ba matla ho feta Ukraine, moo mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o neng o thibetsoe ka lilemo tse 52.
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2002 e bua ka pale ea batho ba Molimo naheng eo. Ke pale ea ba ileng ba bontša tumelo, sebete le matla ha ba tobane le tlokotsi e sehlōhō. A mang a mantsoe a kananelo a ileng a amoheloa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Ukraine ke ana:
“Ke se ke qetile ho bala Buka ea Selemo ea 2002. Ke ne ke sitoa ho ithiba hore ke se ke ka lla ha ke ntse ke bala ka mosebetsi oa lōna Ukraine. Ke lakatsa ho le tsebisa kamoo mohlala oa lōna oa cheseho le oa tumelo e matla o nkhothalitseng kateng. Ke motlotlo ho ba karolo ea lelapa la moea leo le lōna le leng ho lona. Ke le leboha ho tloha botebong ba pelo!”—Andrée, oa Fora.
“Ha ke tsebe hore na nka reng ho hlalosa kamoo ke le lebohang kateng, ke bileng ke lebohang Jehova ka lebaka la Buka ea Selemo ea 2002. Likeleli li ile tsa keleketla marameng a ka ha ke ntse ke bala liphihlelo tse ngata tsa barab’abo rōna ba qetileng lilemo tsa ha ba sa le mahlahahlaha literonkong le likampong tsa mahloriso. Ke tsota sebete sa bona. Le hoja ke bile Paki ka lilemo tse 27, ho ntse ho e-na le seo nka ithutang sona ho bara le barali bao beso. Ba matlafalitse tumelo ea ka ho Ntate oa rōna oa leholimo Jehova.”—Vera, oa Yugoslavia ea mehleng.
“Ke ngola lengolo lena ke thabile ka lebaka la mohlala oa lōna o motle oa mamello le botšepehi lilemong tseo tsohle tsa ha le ntse le hanyetsoa. Ho tšepa ha lōna Jehova ka ho feletseng le ho ikemisetsa ha lōna ho lula le tšepahala ho le fa seriti. Ho ekelletsa moo, boikokobetso ba lōna ha le tobane le liteko bo matlafatsa kholiseho ea ka ea hore Jehova ha a siee batho ba hae kherehloa. Ka lebaka la mohlala oa lōna o motle oa sebete, ho tiea le ho tiisetsa, re ka mamella mathata a rōna a fokolang habobebe haholoanyane.”—Tuteirihia, oa French Polynesia.
“Ka mor’a ho bala Buka ea Selemo (ea 2002), ke ile ka tlameha ho le ngolla. Liphihlelo tsohle tsa lōna tse khothatsang li ile tsa nkama haholo. Ke ile ka ikutloa ke le motlotlo hore ebe ke karolo ea mokhatlo o tšepahalang le o momahaneng joalo, o etelloang pele ke Ntate ea lerato le ea tsotellang, ea re fang matla ka nako e loketseng. Ke ile ka utloisoa bohloko ke hore ebe bahlanka ba Jehova ba bangata joalo ba sebete ba ile ba feta har’a mahlomola a mangata hakaalo ba ba ba lahleheloa ke bophelo ba bona. Empa ke ne ke boetse ke ikutloa ke thabile hobane ka lebaka la sebete sa bona le cheseho, batho ba bangata ba ile ba ithuta ’nete ’me ba ile ba tseba Ntate oa rōna ea lerato.”—Colette, oa Netherlands.
“’Na le mosali oa ka, re ile ra tlameha ho le ngolla ho le bolella kamoo lipelo tsa rōna li ileng tsa ameha kateng ha re ntse re bala tlaleho ea Ukraine Bukeng ea Selemo. Lōna barab’eso ba tšepahalang le behile mohlala o motle oa mamello tlas’a mathata a nkileng nako e telele le a maholo. Tumellanong le mantsoe a Liproverbia 27:11, e tlameha ebe Jehova o thabile hakaakang ho tseba hore barab’abo rōna ba bangata ba tšepahalang ba Ukraine ba ile ba lula ba tseparetse botšepehing ho sa tsotellehe liketso tsa Diabolose tse khopo.”—Alan, oa Australia.
“Ke ile ka seka meokho ha ke ne ke bala ka barab’abo rōna ba Ukraine. Ba ile ba mamella lintho tse ngata—ho qeta lilemo literonkong, ho hlokofatsoa, ho hatelloa le ho arohana le malapa a bona. Ke rata ho bolella barab’abo rōna ba ntseng ba sebeletsa liphuthehong tsa lōna hore kea ba rata ebile ke ba hlompha haholo. Ke ratile sebete sa bona le ho ema ha bona ba tiile. Ke tseba mohloli oa matla a bona, ke moea oa Jehova. Jehova o haufi le rōna, ’me o batla ho re thusa.”—Sergei, oa Russia.
“Ke ile ka lla ha ke bala Buka ea Selemo ea 2002. Bara le barali babo rōna ba bangata phuthehong ea habo rōna ba ’nile ba bua ka lōna. Le batho ba bohlokoa haholo. Ke thabile haholo hore ebe ke karolo ea lelapa le leholo tjena la moea.”—Yeunhee, oa Korea Boroa.
“Tlaleho ea lōna ea tumelo, ea mamello le ea lerato la lōna le sa sekisetseng ho Jehova le ’Muso oa hae e nkamme ka ho tebileng. Ka linako tse ling ha re ananele tokoloho eo re e thabelang le nala ea lijo tsa moea tseo Jehova a re fang tsona. Leha ho le joalo, lōna ha lea etsa joalo. Mohlala oa lōna oa tumelo o re thusa ho elelloa hore haeba re e-na le kamano e haufi le Molimo oa rōna, o tla re fa matla a ho hlōla liteko tsa mefuta eohle.”—Paulo, oa Brazil.
“Ke bile le monyetla oa ho bala liphihlelo tsa lōna Bukeng ea Selemo ea 2002. Li ile tsa nkama ka ho teba, haholo-holo phihlelo e amang maikutlo ea Morali’eso Lydia Kurdas. Ke ile ka ikutloa ke e-na le maqhama le morali enoa oeso.”—Nidia, oa Costa Rica.
“Ke qetile ho bala Buka ea Selemo ea 2002 kajeno. Ha ke ntse ke e bala, tumelo ea ka ho Jehova e ile ea matlafala. Ntho e ’ngoe eo le ka mohla nke keng ka e lebala ke tlaleho e buang ka ha ho ne ho jaloa lipelaelo ka ba neng ba etella pele. Seo se ile sa nthuta hore le ka mohla ke se ke ka belaella barab’abo rōna ba etellang pele. Ke lebohile ho menahane! Lijo tsena tsa moea li matlafatsa tumelo hape li re lokisetsa nako eo ka eona tumelo ea rōna e ka ’nang ea lekoa.”—Leticia, oa United States.
“Re lebohile ka Buka ea Selemo e ntle hakana. Bahoeletsi ba bangata ba ne ba qala ho bala ka mosebetsi oa barab’abo rōna ba Ukraine. Barab’abo rōna ba mona ba ile ba matlafala. Ba bangata, haholo-holo har’a bacha, ba ekelitse tšebeletso ea bona. Ba bang ba se ba qalile ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ba thusang. Kaofela ha bona ba khothalitsoe ke lipale tsa bara le baralib’abo rōna ba ileng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi nakong ea ha ba thibetsoe.”—Komiti ea tšebeletso ea phutheho, Ukraine.
Ka sebele botšepehi ba barab’abo rōna ba Ukraine e bile mohloli oa khothatso ho batho ba Jehova lefatšeng ka bophara. Ha e le hantle, ho bala litlaleho tse thabisang joalo kamehla tse hlahang Bukeng ea Selemo e hatisoang selemo ka seng ke tsela e ntle ea ho matlafatsa tumelo le mamello ea rōna linakong tsena tse mahlonoko.—Baheberu 12:1.