Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 5/1 leq. 32
  • Na U Matlafatsoa ke Lentsoe la Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Matlafatsoa ke Lentsoe la Molimo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 5/1 leq. 32

Na U Matlafatsoa ke Lentsoe la Molimo?

HA U tobane le liteko, u sebetsana joang le tsona? Ha Jesu a ne a tobane le liteko tsa Satane o ile a hopola lengolo le loketseng ’me seo se ile sa mo thusa. (Matheu 4:1-11) Ka ho tšoanang, ha Morena Davida a ne a tjamelane le liteko, o ne a matlafatsoa ke Lentsoe la Molimo. O ile a re: “Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.”—Pesaleme ea 94:19.

Ka ho tšoanang, ho hopola lengolo leo re le ratang haholo ho ka re tšelisa kapa ha re matlafatsa ha re tobane le liteko. Ka mohlala, Rex eo hona joale a leng lilemo li 89, e bile ’moleli oa nako e tletseng ho tloha ka 1931. Leha ho le joalo, o re: “Khafetsa ke ne ke ikutloa ke sa tšoanelehe ha ke ne ke fuoa kabelo e khethehileng tšebeletsong.” O ile a sebetsana joang le taba ee? O re: “Ke ne ke hopola lengolo leo ke le ratang haholo, e leng la Liproverbia 3:5, le reng: ‘Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.’ Ho hopola le ho sebelisa lengolo lena ho ile ha nthusa hore ke phethe likabelo tsa ka ka katleho.”

Esita le ba banyenyane ba rua molemo ka ho ba le lengolo leo ba le ratang haholo. Jack ea lilemo li tšeletseng o re lengolo leo a le ratang haholo ke la Matheu 24:14. Lengolo lena le mo susumelletsa ho ea bolela le batsoali ba hae. O re: “Ke rata ho ea paka Moqebelo o mong le o mong le ’Mè, Ntate le ausi oa ka.”

Joaloka Jesu, na ka linako tse ling le uena tumelo ea hao e lekoa ka ho toba? Joale Bafilipi 4:13 e ka ’na ea e-ba lengolo leo u le ratang haholo. Joaloka Morena Davida, na u tšoenngoa ke ‘menahano e u hlokisang botsitso’? Joale ho hopola Bafilipi 4:6, 7 ho ka ’na ha u thusa hore u sebetsane le bothata boo ka katleho. Na ka linako tse ling u tšoenngoa ke hore tšebeletso ea hao ho Molimo ke ea lefeela? Joale ho hopola 1 Bakorinthe 15:58 ho tla u matlafatsa.

Re lumella Lentsoe la Molimo hore le re fe matla bophelong ba rōna ka ho tseba mangolo a loketseng ka hlooho. (Baheberu 4:12) Mangolo a joalo a ratoang haholo a ka re matlafatsa a ba a re tšelisa.—Baroma 15:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela