Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 10/1 leq. 32
  • Hase Papali Feela Tjee

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hase Papali Feela Tjee
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 10/1 leq. 32

Hase Papali Feela Tjee

BANA ba rata ho bapala. Buka ea The Developing Child e hlalosa hore papali “hase ntho feela tjee e sa reng letho kapa e se nang thuso. Ho bonahala e le eona e thusang bana haholo hore ba hōle ba utloisisa lintho tse ba potolohileng.” Ha bana ba ntse ba bapala ba ithuta ho sebelisa litho tsa bona tsa kutlo, ba utloisisa tikoloho eo ba phelang ho eona le ho sebelisana le ba bang.

Ho tloha ha bana ba le lilemo li ’nè kapa li hlano, ba tla qala ho bapala ka ho etsisa batho ba baholo. Ka nako e ’ngoe Jesu o ile a bua ka bana ba bapalang. Ba bang ba ne ba batla ho etsa “lechato” la papali, ba bang ba batla ho etsa “lepato” la papali, ’me joalokaha bana ba atisa ho ngangisana, ba ne ba ngangisana hobane ba bang ba sa batle ho bapala le bona. (Matheu 11:16, 17) Ho bapala papali ea mofuta ona ho ka thusa ho hatisa mesebetsi ea bohlokoa kelellong e ntseng e hōla ea ngoana.

Bana ba litšoantšong tsena baa bapala, e mong ke mosuoe oa Bibele ’me e mong ke seithuti. Thuto ena ea bona hase thuto ea sebele ea Bibele, empa ho hlakile hore ba nahana ka ho tšohla molaetsa oa Bibele. ’Me ena ke thuto ea bohlokoa, kaha Jesu o ile a laela balateli bohle ba hae hore ba etse batho barutuoa le hore ba ba rute ho boloka lintho tsohle tseo a ba rutileng tsona.—Matheu 28:19, 20.

Batsoali bao bana ba bona ba ratang ho etsisa batho ba khannang lithuto tsa Bibele, ba fanang ka lipuo kapa ba bolelang ka ntlo le ntlo ba lokela ho ikutloa ba le motlotlo. Ka tloaelo, bana ba etsisa seo ba bonang batho ba baholo ba haufi le bona ba se etsa. Ha bana ba bapala lipapali tsa Bibele, seo se bontša hore ba hōlisoa ka “mofuta oa thuto le keletso tseo Morena a li amohelang.”—Baefese 6:4, Charles B. Williams.

Jehova o batla hore bana ba kopanele borapeling ba ’nete. O ile a bolella Moshe hore a akarelletse le “bana ba banyenyane” ha Molao o baloa. (Deuteronoma 31:12) Haeba bana ba banyenyane ba ikutloa hore le bona baa ameha, lipapali tseo ba li bapalang li ka ’na tsa bontša seo. ’Me ngoana eo ha a bapala a etsisang mosebeletsi oa Molimo o nka khato ea pele ea hore e tle e be mosebeletsi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela