Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 6/1 leq. 32
  • Na U Qoqa le Baratuoa ba Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Qoqa le Baratuoa ba Hao?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 6/1 leq. 32

Na U Qoqa le Baratuoa ba Hao?

KORANTA ea Polityka e tsoang beke le beke ka Sepolishe ea tlaleha: “Re ntse re felloa ke bokhoni ba ho buisana le baratuoa ba rōna.” Ho hakanngoa hore United States, banyalani ba qeta feela metsotso e tšeletseng ka letsatsi ba qoqa ka tsela e hahang. Litsebi tse ling li nahana hore halofo ea karohano le tlhalo manyalong ’ohle e bakoa ke ho felloa ke bokhoni ba puisano.

Ho thoe’ng ka puisano pakeng tsa batsoali le bana? Tlaleho e ’ngoe e ile ea re “maemong a mangata, hase puisano, empa ke nako ea ho ba hloma lipotso tse kang: Ho ne ho le joang sekolong? Metsoalle ea hao eona e phela joang?” Tlaleho eo e botsa potso e reng: “Joale bana ba rōna ba tla ithuta joang ho ntlafatsa likamano tse ntle tsa maikutlo?”

Kaha mekhoa ea puisano e metle ha e iketsahalle feela tjee, re ka ntlafatsa joang bokhoni ba rōna ba ho qoqa? Morutuoa oa Mokreste ea bitsoang Jakobo o ile a fana ka keletso ena ea bohlokoa: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua, a liehe ho halefa.” (Jakobo 1:19) Ka sebele, e le hore re be le puisano e hahang le batho ba bang, re lokela ho ba mamela ka hloko ’me re se ke ra ba kena hanong ka ho hloka mamello kapa ra ba lehala ho etsa liqeto. Qoba ho tšoaea liphoso kaha seo se ka sitisa puisano habonolo. Ho feta moo, Jesu o ile a sebelisa lipotso ka bohlale, e se ka morero oa ho batla boitsebiso ka sheshe empa e le ho kha se ka pelong ea momameli oa hae le ho matlafatsa likamano tsa bona.—Liproverbia 20:5; Matheu 16:13-17; 17:24-27.

E le hore u sebelise melao-motheo e metle eo Bibele e u rutang eona, qala ka ho qoqa le ho buisana le baratuoa ba hao. Seo se ka ’na sa etsa hore le thabele kamano e mofuthu ka lilemo tse ngata—esita le bophelo bohle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela