Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 12/15 maq. 17-18
  • Ho Thusa Batho ba Buang Sechaena ba Mexico

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thusa Batho ba Buang Sechaena ba Mexico
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 12/15 maq. 17-18

Ho Thusa Batho ba Buang Sechaena ba Mexico

“BANNA ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” (Zakaria 8:23) Kajeno, boprofeta bona bo babatsehang bo phethahala lefatšeng lohle. Batho “ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba” ba itšoarella ka Baiseraele ba moea e le hore ba rapele Jehova Molimo. Lipaki Tsa Jehova li na le tjantjello ea ho phethahatsa boprofeta bona. Tse ngata li ithuta puo e ’ngoe e le hore li kenye letsoho mosebetsing oa ho bolela lefatšeng lohle.

Lipaki Tsa Jehova tsa Mexico le tsona li kene khabong. Ho hakanngoa hore Mexico ho na le batho ba 30 000 ba buang Sechaena. Ka 2003, ba 15 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste se neng se tšoaretsoe Mexico City. Kahoo, Lipaki tsa Mexico li ile tsa elelloa hore tšimong ea batho ba buang Sechaena ho ka ’na ha e-ba le katleho linthong tsa moea. E le hore ho be le baboleli ba eketsehileng ba hlokomelang batho bana ba buang Sechaena, ho ile ha qaloa thupelo ea likhoeli tse tharo ea ho ruta Lipaki tsa Mexico melaetsa e mekhutšoanyane ea Sechaena sa Semandarine. Thupelo ena e ile ea keneloa ke Lipaki tse 25. Ha e fela, e mong ea boholong har’a batho ba buang Semandarine Mexico City o ile a ba teng ha thupelo e koaloa, e le ho bontša hore sehlopha sena e tla ba sa bohlokoa bathong ba buang Sechaena. Mokhatlo o mong oa moo oa batho ba buang Sechaena o ile oa fa liithuti tse tharo litlhapiso e le hore li e’o ntlafatsa Sechaena sa tsona ka ntle ho Mexico.

Thupelo ena ea ho ithuta puo e ne e akarelletsa ho ea buisana le batho. Ka mor’a ho ithuta lipolelo tse bonolo haholo tsa Sechaena, hang-hang liithuti li ile tsa qala ho bolela litaba tse molemo sebakeng sa khoebo sa Mexico City. Liithuti tsena tse chesehang li ile tsa qalisa lithuto tsa Bibele tse 21. Bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ea Sechaena sa Pinyin, se ngotsoeng ka litlhaku tsa Seroma, e ile ea thusa haholo.

Lipaki tse neng li sa tsoa qalisa thupelo ea ho ithuta Sechaena li ile tsa khanna lithuto tsa Bibele joang? Qalong, li ne li re feela, “Qing Du [Ke kōpa u bale],” ebe li supa serapa ’me ka mor’a moo li supa potso. Ha motho eo a balile, ’me a arabile ka Sechaena, li ne li re, “Shei shei [Kea leboha]” hape li re, “Hen Hao [U arabetse hantle haholo].”

Thuto e ’ngoe ea Bibele e ile ea qalisoa le mosali e mong ea neng a ipitsa Mokreste. Ka mor’a ho ithuta le mosali enoa ka lekhetlo la boraro, Paki e ile ea ipotsa hore na ebe o hlile o utloisisa seo a ithutang sona. Kahoo, Paki ena e ile ea tsamaea le mor’abo rōna ea buang Sechaena. Ha mor’abo rōna a botsa mosali enoa hore na o na le lipotso, mosali enoa o ile a botsa: “E le hore ke kolobetsoe, na ho hlokahala hore ke tsebe ho sesa?”

Kapele feela ho ile ha qalisoa Thuto ea Buka ea Phutheho eo ho eona ka karolelano ho neng ho e-ba le batho ba 9 ba buang Sechaena le Lipaki tse 23 tsa Mexico. Ba neng ba e-ba teng ba ne ba akarelletsa ngaka ea Mochaena, e neng e fumane makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! ka Sepanishe ho mokuli e mong. Kaha e ne e sa tsebe ho bala Sepanishe, e ne e kōpa motho e mong hore a fetolele mela e seng mekae e le hore e ka bala. Ha e hlokomela hore limakasine tseo li bua ka Bibele, e ile ea botsa mokuli eo hore na a ka fumana limakasine tseo ka Sechaena. Mokuli eo o ile a etsa joalo, ’me ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Mexico e ile ea etsa litokisetso tsa hore ngaka eo e eteloe ke Paki e buang Sechaena. ’Mè oa eona ea neng a le Chaena o ne a e-na le Bibele, ’me ngaka ena e ne e thabela ho e bala. Ha e ne e etsa qeto ea ho ea Mexico, ’mè oa eona o ile a e bolella hore e se ke ea tlohela ho bala Bibele. Kahoo, e ne e ntse e rapella hore ho be le motho ea ka e thusang ho ithuta haholo ka Molimo oa Bibele. E ile ea re: “Molimo o utloile thapelo ea ka!”

Ba bang ba neng ba e-ba teng thutong eo ea buka e ne e le lelapa la Machaena le neng le hirile likamore ha mosali e mong oa Mexico ea neng a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Le hoja lelapa lena la Machaena le ne le utloa Sepanishe hanyenyane, le ne le e-ba teng lipuisanong tsena tsa Bibele. Ka mor’a nako, lelapa lena le ile la botsa Paki ena e khannang thuto hore na e na le lingoliloeng tsa Sechaena. Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha khannoa thuto ea Bibele ea Sechaena le lelapa lena. Ka mor’a nakoana lelapa lena le ile la bolela hore le batla ho bolella batho ba naha ea habo lona litaba tse molemo le ho nehela bophelo ba lona ho Jehova.

Ke ’nete hore ho thata ho ithuta puo ea Sechaena. Leha ho le joalo, joalokaha re bone liphihlelong tsena, ka thuso ea Jehova batho ba lipuo tse ngata, ho akarelletsa le ba buang Sechaena, ba ithuta thato ea Molimo Mexico, hammoho le likarolong tse ling tsa lefatše.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Sehlopha se ithutang Sechaena Mexico City

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Paki ea Mexico e khanna thuto ea Bibele ka Sechaena

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ho etsoa tšebeletso ea ntlo le ntlo ka puo ea Sechaena, Mexico City

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela