“Meqolo ea Khale ka ho Fetisisa e Tsejoang e Qotsitseng Litemana Tsa Bibele”
LILEMONG tse 25 tse fetileng, baepolli ba lintho tsa khale ba Iseraele ba ile ba sibolla lintho tse hlollang. Lehaheng la nģalo ea bafu, metheong ea Khohlo ea Hinome, Jerusalema, ba ile ba fumana meqolo e ’meli e menyenyane ea silevera eo ho neng ho ngotsoe litemana tsa Bibele ho eona. Meqolo eo e ne e le ea khale koana pele Bababylona ba timetsa Jerusalema ka 607 B.C.E. Meqolong eo ho ne ho qotsitsoe karolo ea litlhohonolofatso tse tlalehiloeng ho Numere 6:24-26. Lebitso la Molimo, e leng Jehova le ne le hlaha ka makhetlo a ’maloa meqolong eo ka bobeli. Ho ’nile ha hlalosoa hore meqolo ena ke “mosebetsi oa khale ka ho fetisisa o tsejoang oa mehleng ea boholo-holo o tlalehileng litemana tsa Bibele tsa Seheberu.”
Leha ho le joalo, litsebi tse ling li ne li belaella hore na litemana tseo li ngotsoe neng, ’me li fana ka mabaka a hore meqolo eo e ngotsoe lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Lebaka le leng le ileng la etsa hore ho be le ho se lumellane hoo e ne e le hore litšoantšo tsa pele-pele tsa meqolo ena e menyenyane li ne li sa lumelle hore ho hlahlobisisoe makolopetso a meqolo eo. E le ho rarolla bothata boo ba ho se lumellane ka hore na meqolo eo e entsoe neng, sehlopha sa litsebi se entse liphuputso tse ncha. Li sebelisitse theknoloji ea morao-rao ea ho nka lifoto le ea ho etsa litšoantšo ka k’homphieutha e le hore li hlahise litšoantšo tse hlakileng haholo tsa meqolo eo. Haufinyane tjena ho ile ha phatlalatsoa sephetho sa tlhahlobo eo e entsoeng bocha. Sehlopha seo sa litsebi se ile sa fihlela qeto efe?
Taba ea pele, litsebi li hatisa hore boitsebiso bo fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale bo tšehetsa hore meqolo eo e ngotsoe pele Baiseraele ba ea kholehong Babylona. Ha ho hlahlojoa mongolo ona oa boholo-holo—hore na ke oa khale hakae le sebōpeho sa litlhaku tsa oona, mokhoa oo o ngotsoeng ka oona, tsela eo litlhaku li emeng ka eona, mokhoa oo litlhaku li latellanang ka oona le moo litlhaku ka bonngoe li shebisitsoeng teng—ho bontša hore meqolo ena e ngotsoe ka eona nako eo, e leng ho ella bofelong ba lekholo la bosupa la lilemo B.C.E. Qetellong, ha ho hlahlojoa mokhoa oa ho ngola puo, e leng mokhoa oo mantsoe a peletoang ka oona, sehlopha sena se fihlela qeto e latelang: “Boitsebiso ba mokhoa oo puo e ngoloang ka oona bo leng meqolong eo bo lumellana le bopaki ba baepolli ba lintho tsa khale le ba mengolo ea boholo-holo bo amanang le nako eo mengolo ena e ngotsoeng ka eona.”
Ha koranta e bitsoang Bulletin of the American Schools of Oriental Research e akaretsa phuputso ena ea meqolo ea silevera, eo hape e tsejoang e le mengolo ea Ketef ea Hinome, e re: “Kahoo re ka tiisa qeto e fihletsoeng ke litsebi tse ngata ea hore mengolo e fumanoeng meqolong ena e bolokile litemana tsa khale ka ho fetisisa tse tsejoang tsa Bibele.”
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 32]
Cave: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.; inscriptions: Photograph © Israel Museum, Jerusalem; courtesy of Israel Antiquities Authority