“Molao oa Hao ke o Rata Hakaakang!”
PESALEME ea 119 ke pina e buang ka maikutlo ao moqapi oa eona a neng a e-na le ’ona ka molaetsa kapa lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Ha mopesaleme a bina o re: “Ke bolokile polelo ea hao ka pelong ea ka.” “Ke tla rata litaelo tsa hao tse hlomamisitsoeng.” “Moea oa ka o hateletsoe ke ho hloloheloa liqeto tsa hao tsa boahloli ka nako eohle.” “Ke rata likhopotso tsa hao.” “Ke ’nile ka hloloheloa litaelo tsa hao.” “Ke tla rata litaelo tsa hao tseo ke li ratileng.” “Ke tla nahanisisa ka melao ea hao ea tsamaiso.” “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.”—Pesaleme ea 119:11, 16, 20, 24, 40, 47, 48, 97.
Mopesaleme o ne a ananela haholo hakaakang lentsoe la Molimo le senotsoeng! Na le uena u ikutloa joalo ka molaetsa oa Lentsoe la Molimo, e leng Bibele? Na u ka lakatsa ho hlaolela lerato le joalo bakeng sa lona? Haeba ho joalo, u lokela ho qala ka ho itloaetsa ho bala Bibele kamehla, letsatsi le leng le le leng, haeba ho khoneha. Jesu Kreste o itse: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) Ea bobeli, u lokela ho thuisa ka seo u se balang. Ho nahanisisa ka ’nete e mabapi le Molimo, litšobotsi tsa hae, thato ea hae le morero oa hae ho tla etsa hore u ananele Bibele haholoanyane. (Pesaleme ea 143:5) ’Me habohlokoa ka ho fetisisa, u lokela ho sebelisa keletso ea eona e bohlale bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi.—Luka 11:28; Johanne 13:17.
Ho hlaolela lerato bakeng sa seo Bibele e se buang ho tla u tsoela molemo joang? Pesaleme ea 119:2 e re: “Ho thaba ba bolokang likhopotso tsa [Molimo].” Likhopotso tsena tse fumanehang ka Bibeleng li tla u thusa hore u sebetsane ka katleho le mathata a bophelo. (Pesaleme ea 1:1-3) U tla fumana bohlale, temohisiso le kutloisiso tse tla u thusa hore u ‘thibe leoto la hao tseleng e ’ngoe le e ’ngoe e mpe.’ (Pesaleme ea 119:98-101) Ho tseba ’nete ka Molimo le morero oa hae ka lefatše ho tla etsa hore bophelo ba hao bo be le morero haholoanyane ’me ho tla etsa hore tšepo ea hao ea bokamoso e khanye.—Esaia 45:18; Johanne 17:3; Tšenolo 21:3, 4.
Lipaki Tsa Jehova li thahasella haholo ho thusa batho hore ba tsebe Bibele hamolemo le hore ba rate molaetsa oa eona. Re u mema ka mofuthu hore u arabele memo e latelang.