Bacha—Le Ama Lipelo Tsa Batsoali ba Lōna
MOAPOSTOLA JOHANNE ea hōlileng o ile a ngola: “Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 4) Le hoja bana bao ho buuoang ka bona temaneng ena ea Bibele e ne e le barutuoa ba Bakreste, motsoali ea tšabang Molimo a ka utloisisa habonolo mantsoe ana a builoeng ke Johanne. Feela joalokaha batsoali ba ama bophelo ba bana ba bona haholo, bana le bona ba ama bophelo ba batsoali ba bona haholo.
Morena Solomone oa Iseraele o ne a tseba kamoo bana ba neng ba ka ama batsoali ba bona haholo kateng. O ile a ngola: “Mora ea bohlale o thabisa ntat’ae, ’me mora ea hlokang kelello ke mesarelo ea ’m’ae.” (Liproverbia 10:1) Ka hona, bana kaofela—esita le ba seng ba hōlile—ba lokela ho nahana kamoo liketso tsa bona li ka amang batsoali ba bona kateng. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ba etse see?
Nahana feela ka tlhokomelo eohle eo batsoali ba hao ba tšabang Molimo ba u hōlisitseng ka eona! Ba qalile ho ameha ka uena le ho u rapella le pele u hlaha. Ha u se u hlahile, batsoali ba hao ba ile ba thabela ho ba le kamano e haufi le uena ’me mohlomong ba ile ba ba ba leboha Molimo ka tokelo le boikarabelo bo babatsehang ba ho ba batsoali empa bo le boima. Joale ba ne ba se ba e-na le leseanyana leo ba lokelang ho le hlokomela, ’me joaloka barapeli ba Jehova, ba ile ba nka boikarabelo bona ka ho teba.
Kaha batsoali ba hao ke Bakreste ba ’nete, ba ile ba batla tataiso e tšepahalang ka Bibeleng le likhatisong tse thehiloeng Bibeleng, ’me ba ile ba kōpa keletso ho batho ba nang le phihlelo ea ho hōlisa bana. Hape ba ile ba tsoela pele ho tsebisa Molimo matšoenyeho a bona ka thapelo. (Baahloli 13:8) Ha u ntse u hōla, batsoali ba hao ba ne ba tseba makhabane a hao empa hase hore ba ne ba hlokomoloha mefokolo ea hao. (Jobo 1:5) Mathata a macha a ile a hlaha lilemong tsa bocha. Mohlomong ka linako tse ling u ne u sa mamele, ’me batsoali ba hao ba ne ba rapela haholo, ba bala haholo, ba bile ba nahana haholo ka hore na ebe ba ka u thusa joang hore u tsoele pele u sebeletsa Jehova, e leng Ntate oa hao oa leholimo.
’Mè oa hao le Ntate oa hao ba ke ke ba khaotsa ho ba batsoali. Ba ke ke ba phetsa ho ameha ka lintho tse u amang ’meleng, kelellong, boikutlong le moeeng, esita leha u se u hōlile. Leha ho le joalo, nakong ena kaofela, batsoali baa hopola hore u na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto ebile ba ke ke ba tiisa hore na u tla qetella u le motho oa mofuta ofe. Qetellong, ke uena ea lokelang ho iketsetsa qeto mabapi le tsela eo u batlang ho tsamaea ka eona.
Joale, na ha ho utloahale ho bolela hore haeba ‘ha ho letho le thabisang’ batsoali ho feta ho utloa hore bana ba bona “ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng,” seo se bolela hore ba utloa bohloko haeba bana ba sa tsamaee ’neteng? Ruri bana ba etsang ka booatla ba bakela batsoali ba bona mesarelo. Solomone o ile a re: “Mora ea hlokang kelello ke matšoenyeho ho ntat’ae le bohloko ho ea mo tsoetseng.” (Liproverbia 17:25) Ka sebele batsoali ba sareloa haholo ha ngoana a furalla borapeli ba Molimo oa ’nete!
Ho hlakile hore tšusumetso e khōlō eo lōna bacha le nang le eona ha e ame feela malapa abo lōna. Boitšoaro ba lōna bo ama lipelo tsa batsoali ba lōna haholo. Haeba le furalla Molimo le melao-motheo ea hae, batsoali ba lōna ba tla utloa bohloko. Empa ba tla thaba haeba le sa furalle Molimo le melao-motheo ea hae. Haeba le lula le tšepahala le bile le mamela Jehova, batsoali ba lōna ba tla nyakalla. Ikemisetseng ho thabisa lipelo tsa batsoali ba lōna! Na ho na le mpho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta ee eo le ka e fang batho ba le hōlisang, ba le sireletsang le ba le ratang?