Bothata ba ho Ikokobetsa
BATHO ba bangata ba ka ’na ba nka hore boikokobetso ha bo thuse letho lefatšeng la kajeno. Batho ba mameloang le bao ho bonahalang ba atleha ka ho fetisisa ke ba itlhomang thupeng, ba ikhohomosang le ba batlang hore kamehla lintho li tsamaee ka tsela ea bona. Batho ba bangata ba lakatsa bophelo ba batho ba ruileng le ba tummeng, eseng ba batho ba ikokobelitseng le ba bonolo. Hangata batho ba atlehileng ba rata ho ithorisa ka hore ba itšebelelitse ka thata. Ho e-na le hore ba ikokobetse, ba ikotla sefuba ka katleho ea bona.
Mofuputsi e mong oa Canada o ile a bua ka hore naheng ea habo “ho hlahile maikutlo a boithati le boikakaso.” Ba bang ba nahana hore re phela har’a batho ba nkang hore ho ithabisa ke habohlokoa ho feta ho phela ka tsela e nang le boikarabelo ’me ba hlokomela hore batho ba kajeno e ntse e e-ba baikhabi ka ho eketsehileng. Lefatšeng la mofuta ona, ho ka bonahala eka boikokobetso ha bo na sebaka.
Ha e le hantle, batho ba bangata ba ke ke ba latola khopolo ea hore ke hantle ha e le batho ba bang ba ikokobetsang, kaha ho bonolo ho phela le batho ba ikokobelitseng. Leha ho le joalo, lefatšeng la rōna le tletseng tlhōlisano, ba bang ba tšaba hore ha ba ikokobetsa, ba bang ba tla nka hore ha ba tsebe ho ikemela.
Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, le ile la bolela esale pele hore batho e ne e tla ba “ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang.” (2 Timothea 3:1, 2) Na u lumela hore boprofeta boo boa phethahala? Na u nahana hore ho ikokobetsa ke habohlokoa? Kapa u nahana hore ho ka nkoa hore motho ea ikokobelitseng ha a tsebe ho ikemela ebile a ka tlatlapuoa habonolo?
’Nete ke hore Bibele e fana ka mabaka a utloahalang a ho nka hore boikokobetso ke ntho ea bohlokoa le eo motho a ka e hahamallang. E re thusa ho talima boikokobetso ka tsela e loketseng ’me e buella hore batho ba sebeletse ho ba le bona, hape e bontša hore boikokobetso ba ’nete ke pontšo ea matla, eseng ea ho se tsebe ho ikemela. Sehlooho se latelang se tla hlalosa lebaka la sena.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Re lokela ho ikutloa joang ka lintho tseo re li finyellang?