Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 1/1 leq. 31
  • Mohlankana ea Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohlankana ea Sebete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Phekola Batho ka Mohlolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Hanyetsa Teko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jesu o Siea Bamameli ba Hae ba Hloletsoe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 1/1 leq. 31

Tsa Bacha ba Rōna

Mohlankana ea Sebete

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Phelisa seo u se balang.

NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA 1 SAMUELE 17:1-11, 26, 32-51.

Hlalosa hore na u nahana hore Goliathe o ne a shebahala joang ’me o ne a bua ka lentsoe le joang.

․․․․․

Le hoja Davida a ne a se lebothong la Iseraele, ke eng e ileng ea mo susumelletsa hore a loane le Goliathe? (Sheba temana ea 26.)

․․․․․

Ke mabaka afe a ileng a tiisetsa Davida hore Jehova o ne a tla mo thusa? (Bala temana ea 34-37 hape.)

․․․․․

AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

U sebelisa ntho leha e le efe ea ho etsa lipatlisiso, leka ho fumana

(1) Bolelele ba Goliathe. (1 Samuele 17:4)

Litsoe tse tšeletseng le boahlamo ba seatla = ․․․․․.

(2) Boima ba seaparo sa Goliathe se makhakhapa a tšepe. (1 Samuele 17:5)

Lishekele tsa koporo tse 5 000 = ․․․․․.

(3) Boima ba motsu oa lerumo la Goliathe. (1 Samuele 17:7)

Lishekele tsa tšepe tse 600 = ․․․․․.

SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Sebete.

․․․․․

Ho itšetleha ka Jehova ho e-na le ho tšepa matla a hao.

․․․․․

LINTLHA TSE LING TSEO U KA LI SEBELISANG.

U tobane le mathata afe ao u nkang hore ho boima ho a hlōla joalokaha eka ke Goliathe?

․․․․․

Ke lintho life (tse kileng tsa u hlahela kapa tsa hlahela batho ba bang) tse u kholisang hore Jehova a ke ke a u lahla?

․․․․․

U KHAHLOA KE ENG TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela