Bophelo ba Mehleng ea Bakreste ba Lekholong la Pele la Lilemo
“Basebetsi Malapeng”
“Joale eare ha ba tsamaea a kena motsaneng o itseng. Mona mosali ea itseng ea bitsoang Maretha a mo amohela e le moeti ka tlung. Mosali enoa o ne a boetse a e-na le morali’abo ea bitsoang Maria, eo, leha ho le joalo, a ileng a lula fatše maotong a Morena ’me a lula a mametse lentsoe la hae. Ka lehlakoreng le leng, Maretha a sitisoa ke ho hlokomela mesebetsi e mengata. Kahoo, a atamela eaba o re: ‘Morena, na ha ho tsotellehe ho uena hore ebe morali’eso o ntšiile ke le mong hore ke hlokomele lintho? Ka hona, mo bolelle hore a nthuse.’ Ha Morena a araba a re ho eena: ‘Maretha, Maretha, u tšoenyehile le ho khathatseha ka lintho tse ngata. Leha ho le joalo, ho hlokahala lintho tse seng kae, kapa e le ’ngoe feela. Maria o khethile karolo e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.’”—LUKA 10:38-42.
HO HLAKILE hore Maretha e ne e le sekhothali. Ha ho pelaelo hore ba bang ba ne ba mo hlompha haholo. Ho latela mokhoa oa Bajuda ba mehleng ea lekholong la pele la lilemo, mosali o ne a nkoa e le oa bohlokoa ho latela hore na ke sekhothali hakae mesebetsing ea lapeng, le hore na o khona ho hlokomela ba lelapa la hae hakae.
Basali ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ne ba khothalletsoa ho ba “basebetsi malapeng.” (Tite 2:5) Empa ba ne ba boetse ba e-na le tokelo le boikarabelo bo bong, e leng ba ho ruta ba bang ka tumelo ea bona ea Bokreste. (Matheu 28:19, 20; Liketso 2:18) E meng ea “mesebetsi e mengata” eo mosali oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo a neng a lokela ho e etsa ke efe? Hona re ka ithuta’ng ho seo Jesu a ileng a se bua ka Maria?
“Ho Hlokomela Mesebetsi e Mengata” Letsatsi la ’mè oa lelapa oa Mojuda le ne le qala hoseng, mohlomong ka malungoalungoana. (Liproverbia 31:15) Ka mor’a hore a phehele ba lelapa la hae lesheleshele, o ne a ka ’na a felehetsa bara ba hae ho ba isa sekolong synagogeng. Barali ba hae bona ba ne ba sala hae e le hore ba ka rutoa mesebetsi e hlokahalang hore e tle e be basali ba nang le bokhoni.
’Mè hammoho le barali ba hae ba ne ba qala letsatsi ka ho phetha mesebetsi e tloaelehileng ea lapeng—ho tšela oli ka maboneng (1), ho fiela (2) le ho hama lipōli (3). Ka mor’a moo, ba ne ba lokisetsa ho pheha bohobe ba letsatsi leo. Barali ba ne ba qala ka ho hlokola lijo-thollo (4), ba ntan’o li haila ka leloala la lejoe (5). Joale ’mè o ne a kopanya phofo, metsi le tomoso. O ne a luba hlama (6) ebe o e tlohella hore e bele ha a ntse a etsa mesebetsi e meng. Nakong eo, barali bona ba ntse ba etsa chisi ka lebese la pōli leo ba sa tsoa le hama (7).
Ha letsatsi le ntse le phahama, ’mè le barali ba hae ba ne ba ka ea ’marakeng. Ha a le moo, o utloa monko oa linōko tsa mefuta-futa, o utloa ho lla ha liphoofolo le mohoo oa bareki ba batlang litheolelo, ebe le eena o tla reka tseo a li hlokang bakeng sa letsatsi leo (8). E ka ’na eaba o rerile hore letsatsing leo ho tla jeoa meroho le tlhapi e omisitsoeng. Haeba e le Mokreste, a ka ’na a sebelisa monyetla oo ho bua le ba bang ’marakeng moo ka tumelo ea hae.—Liketso 17:17.
’Mè ea hlokolosi o ne a sebelisa monyetla oa ho ruta bana ba hae melao-motheo ea Mangolo le ho ba thusa hore ba e rate, ha ba e-ea le ha ba khutla ’marakeng. (Deuteronoma 6:6, 7) O ne a boetse a buisana le bona ka lintho tse tla ba thusa hore ba tsebe ho baballa chelete ha ba reka.—Liproverbia 31:14, 18.
Mosebetsi o mong oo basali ba neng ba o etsa letsatsi le letsatsi e ne e le oa ho ea selibeng (9). Ha ba le moo, ba ne ba kha metsi bakeng sa malapa, mohlomong ba bile ba ntse ba qoqa le basali ba bang ba tlileng selibeng. Ha ba fihla hae, ’mè le barali ba hae ba ne ba qalella ho baka bohobe. Ba ne ba qala ka ho etsa hlama liphaphatha, ebe ba li kenya ka ontong e seng e beselelitsoe (10) eo hangata e neng e hahelloa ka ntle. Ha ba ntse ba letile bohobe hore bo butsoe, ba ne ba thabela ho utloa monko o monate oa bona ha ba ntse ba qoqa.
Ka mor’a moo, ba ne ba ea molapong o haufi ho ea hlatsoa liphahlo (11). Basali ba ne ba qala ho hlatsoa liphahlo ka makhethe ka sesepa sa sota kapa se entsoeng ka molora oa mefuta e itseng ea litlamatlama. Ka mor’a ho li pulutsa le ho li tlhotla, ba ne ba li aneha lihlahleng tse haufi le majoeng.
Ha ba khutla molapong, ’mè le barali ba ne ba ka nyolohela marulelong a bataletseng a ntlo ho ea rōka (12) liphahlo leha e le life tse tabohileng pele ba li beha moo li lulang teng. Hamorao barali ba ne ba ka ’na ba rutoa ho khabisa masela le ho loha (13). Ho e-s’o ho ee kae, e ne e tla be e le nako ea hore ’mè le barali ba qale ho pheha lijo tsa mantsiboea (14). Mehleng eo batho ba ne ba rata ho amohela baeti, ka hona lelapa le ne le pheha lijo tse lekaneng hore le ka ja le baeti leha e le bafe, ’me lijo tseo e ne e e-ba bohobe, meroho, chisi, tlhapi e omisitsoeng le metsi a pholileng.
Ka shoalane, pele bana ba ea likobong, ngoana ea khumohileng lengoleng o ne a ka tlotsoa ka oli e thobang maqeba. Joale, ho bonesitsoe ka lebone la nkuke, batsoali ba ne ba ka phetela bana pale e itseng e tsoang Mangolong ebe ba rapela le bona. Ha ho se ho khutsitse lelapeng leo la boemo bo itekanetseng, monna o ne a ka ba le lebaka le utloahalang la ho bua mantsoe ana a tsebahalang ho mosali oa hae: “Ke mang ea ka fumanang mosali ea nang le bokhoni? Bohlokoa ba hae bo feta ba likorale hōle.”—Liproverbia 31:10.
Ho Khetha “Karolo e Ntle” Ha ho pelaelo hore basali ba hlokolosi ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le “mesebetsi e mengata” e neng e etsa hore ba lule ba tšoarehile. (Luka 10:40) Ka tsela e tšoanang, basali kajeno ba na le mesebetsi e mengata, haholo-holo bo-’mè. Lisebelisoa tsa morao tjena li entse hore mesebetsi e meng ea lapeng e be bobebe. Empa maemo a tlama bo-’mè ba bangata hore ba batle mosebetsi ha ka lehlakoreng le leng ba ntse ba hlokomela malapa a bona.
Ho sa tsotellehe mathata ao ba thulanang le ’ona, basali ba bangata ba Bakreste kajeno ba latela mohlala oa Maria, o boletsoeng qalong. Ba nka lintho tsa moea e le tsa bohlokoa haholo. (Matheu 5:3) Ba hlokomela malapa a bona hantle joalokaha Mangolo a ba khothalletsa ho etsa joalo. (Liproverbia 31:11-31) Empa ba boetse ba latela molao-motheo oo Jesu a ileng a o bolella Maretha. Kaha e ne e le mosali ea ratang lintho tsa moea, e tlameha ebe o ile a mamela keletso eo e lerato. Basali ba Bakreste ha ba lumelle mesebetsi ea bona ea lelapa hore e ba sitise ho ithuta ka Molimo (15) kapa ho bua le ba bang ka tumelo ea bona. (Matheu 24:14; Baheberu 10:24, 25) Ka tsela eo, ba khetha “karolo e ntle.” (Luka 10:42) Ka lebaka leo, ba nkoa e le ba bohlokoa haholo ke Molimo, ke Kreste le ke litho tsa malapa a bona.—Liproverbia 18:22.