Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa May 3 ho ea ho August 23,1993. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang nakong e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ke ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Boprofeta bo boletsoeng lilemo tse fetang 300 e sa le pele hore Josiase o ne a tla thumakanya aletare ea Jeroboame Bethele bo phethahetse ka mokhoa o tsotehang. [siSU leq. 68 ser. 25]
2. Buka ea Marena a Bobeli e akaretsa nako ho tloha qalong ea puso ea Salomone ka 1037 B.C.E. ho fihlela ka 580 B.C.E. [siSU leq. 69 ser. 2]
3. Ka mor’a ho bala temana ea Lengolo, hangata ho lekane ho bua ka eona. [sgSU leq. 129 ser. 20]
4. Le hoja hangata mantsoe a itseng a phetoa e le mokhoa o bohlokoa oa ho ruta, ho pheta-pheta ho sa hlokahaleng ho ka tlatsa puo ka mantsoe le ho ba ho sa khahliseng. [sgSU leq. 131 ser. 11]
5. Ha u tseba ho bua u talimme kemiso, u tla be u nkile khato e khōlō hore u be sebui sa phatlalatsa. [sg-SU leq. 140 ser. 10]
6. Ho ke ke ha etsahala hore ho baloa ha lirapa ho utloahale joaloka puo ea tlhaho. [sgSU leq. 146 ser. 21]
7. Ho hatisa mantsoe ho akareletsa ho hlokomela mantsoe a fanang ka mohopolo le ho a etsa hore a fapane le a mang a likolohileng. [sgSU leq. 159 ser. 3]
8. Litlolo tsa mahlo li ne li sa tsejoe mehleng ea Bibele. [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona gSU78 12/8 leq. 8.]
9. Bopaki ba ho epolloa ha lintho tsa khale bo tšehetsa tlaleho ea Bibele ho 2 Marena 17:6-18 mabapi le ho timetsoa ha ’muso oa Iseraele o ka leboea ke Baassyria. [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona gmSU maq. 47-8.]
10. Mantsoe a Davida ho 1 Likronike 16:31 a bontša hore le hoja borena ba Jehova bo bile teng ho tloha tšimolohong ea pōpo, ka linako tse ling ka ho hlakileng o ne a bua ka borena ba hae hoo ho neng ho ka boleloa hore ‘oa busa’ ka nako e itseng. [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona w85 12/15 leq. 11.]
Arabela lipotso tse latelang:
11. Ke joang u ka hatellang mantsoe a sehlooho ha mong’a ntlo a bala temana? [sgSU leq. 128 ser. 13]
12. Sebui se lokela ho etsa’ng haeba se e-na le bothata ba boitšisinyo bo feteletseng? [sgSU leq. 133 ser. 20]
13. U ka etsa’ng ho lokisa bothata ba ho se bale ka mokhoa o phollatsi? [sgSU leq. 144 ser. 7]
14. Ke hobane’ng ha Likronike li ile tsa ngoloa? [siSU leq. 75 ser. 2]
15. Tsela ea motheo ea ho hōlisa khang kapa ho beha mabaka ke efe? [sgSU leq. 151 ser. 11]
16. “Bopaki“ bo boleloang ho 2 Marena 11:12 ke eng? [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona wSU91 2/1 leq. 31.]
17. Tumellanong le 2 Marena 19:32, 33, morena oa Assyria o ile a thibeloa joang ho kena Jerusalema? [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona wSU88 2/15 leq. 28.]
18. Ke’ng seo re ka ithutang sona phihlelong ea Davida le Hanune ho 1 Likronike 19:2-4? [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona gSU74 2/8 leq. 12.]
19. Likarolo tse 24 tsa boprista li re thusa joang ho tseba ho khetholla “baholo” bao ho buuoang ka bona ho Tšenolo 4:4? (1 Likron. 24:4) [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona wSU73 4/15 leq. 191.]
20. Re utloisisa 1 Likronike 29:5 joang hore e sebetsa ho batho ba Jehova kajeno? [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona wSU90 7/1 leq. 31.]
Fana ka lentsoe kapa polelo e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
21. Puo e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho ba le ․․․․․․․ hore e be le moo e lebang teng le ho e hokahanya le likarolo tse ling ka tsela e khahlisang. [sgSU leq. 133 ser. 1]
22. Sebui se nang le phihlelo ha se lahleheloe ke ․․․․․․․ le bamameli ka ho talima lintlha tsa sona nako e telele kapa ka nako e sa lokelang. [sgSU leq. 138 ser. 1]
23. Ho bontša hore Jehova ha a mamelle ho hloka tlhompho ho bahlanka ba hae bao a ba behileng boholong, o ile a tlisa tefetso e potlakileng ho litlokotsebe tse neng li soma ․․․․․․․ moprofeta oa Jehova. [siSU leq. 74 ser. 34]
24. Joaloka sebui, ka mehla o tlamehile ho araba potso ․․․․․․․. [sgSU leq. 155 ser. 7]
25. Mattheu le Luka ba qotsitse malokong a ․․․․․․․ ka ho hlakileng ho bontša hore Jesu e ne e le Messia. [siSU leq. 78 ser. 23]
26. Lipuong tse ngata, momahano e hloka ․․․․․․․ bo tlohang ntlheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. [sgSU leq. 149 ser. 2]
Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
27. Ka mor’a hore u etse qeto ka sehlooho sa puo ea hao, mohato o latelang ke ho khetha (mangolo; lipapiso; lintlha tse khōlō) tseo u rerang ho li sebelisa. [sgSU leq. 135 ser. 9]
28. Ho boloka boemo bo tloaelehileng puong ea hao, u lokela ho (bua ka mokhoa o hlakileng haholo; boloka pono ea bamameli kelellong; cheseha). [sgSU leq. 157 ser. 17]
29. “Selemo sa mashome a mabeli sa Jothame” se bolela lilemo tse 20 tsa (bophelo ba hae; nako eo a busitseng ka eona; nako e ileng ea feta ho tloha ha e-ba morena). (2 Mar. 15:30) [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona w80 9/15 leq. 8.]
30. Ba ileng ba “tla ho Davida, ho mo thusa” ba ne ba (na le tšusumetso ea boithati; ba ile ba ikhethela ka pelo eohle ho tšehetsa borena ba Davida; ha ba ka ba mo hanyetsa). (1 Likron. 12:22, BPN) [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona wSU83 8/15 leq. 14.]
Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
1 Mar. 22:19-22; 2 Mar. 1:2, 7, 8; 5:1-5; 25:27-30; 1 Likron. 9:26, 27
31. Tsela eo re aparang ka eona e re khetholla le sehlopha se itseng sa batho. [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona wSU73 7/1 leq. 309.]
32. Balebeli ba Balevi ba ne ba na le kabelo e khethehileng eo ba e tšepetsoeng. [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona wSU88 12/1 leq. 21.]
33. Le hoja baholo ba ka ’na ba ikutloa hore ba tseba ho sebetsana le maemo, ba lokela ho ithuta mohlaleng oa Jehova le ho mamela seo ba bang ba se buang ’me ba se nke ka botebo. [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona wSU75 1/15 leq. 14.]
34. Ho epolloa ha lintho tsa khale ho tšehetsa ’nete ea hore morena oa Juda eo e neng e le motšoaruoa Babylona o ile a lokolloa teronkong le ho fuoa thuso ea lijo. [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona gmSU leq. 48.]
35. Bana ba ka susumeletsa batho ba baholo ho nka khato. [’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona wSU75 1/1 leq. 5.]