Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla buelloa ka June: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R3,00. July: Motsoako oa libukana leha e le life tse tharo tse maqephe a 32 tseo e ka ’nang eaba phutheho e na le tsona setokong ka monehelo oa lisente tse 90. Haeba phutheho e se na libukana tsena, bukana e loketseng e lekanang le makasine e ka sebelisoa hore e be eona e buelloang. Libukana tse maqephe a 32 ha lia lokela ho kōpuoa ho Mokhatlo kaha li le sieo, empa liphutheho li ka sebelisa libukana tse joalo tseo li nang le tsona hona joale. August: Leha e le efe ea libukana tse lekanang le makasine e maqephe a 32 e ka sebelisoa ka monehelo oa lisente tse 90 e le ’ngoe: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka U Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na u Lokela ho Lumela Boraro-bo-Bong?, le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R9,00. Libuka tse nyenyane ke R4,50.
◼ Ho qala ka la 3 October, 1994, buka Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! e tla baloa Thutong ea Buka ea Phutheho.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba tlaleho ea lichelete ea phutheho ka la 1 June kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Etsa tsebiso phuthehong ha sena se entsoe.
◼ Ho balebeli ba okamelang: Re le mema hore le romele Mokhatlo liphihlelo leha e le life tse hlaheletseng phuthehong ea lōna selemong sena, ho kopanyeletsa le liphihlelo ka tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang le Letsatsi le khethehileng la Limakasine, la 9 April, 1994. Re batla ho khetha tse molemohali tšimong ea rōna bakeng sa tlaleho ea selemo le selemo. Ka kōpo li romelleng eseng ka morao ho la 1 July, 1994.
◼ Re sa ntse re e-na le libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1994 ka lipuo tse latelang: Senyesemane, Sesotho, Sexhosa, le Sezulu.
◼ Ho tloha ka la 1 June, tefello ea peeletso ea Molula-Qhooa kapa Tsoha! e tla ba R30,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli e tla ba R15,00. Chelete ea lipeeletso tsa Club e tla ba tlaase. Ka kōpo bona lengolo la rōna la la 21 March, 1994 bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng.
◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:
Senyesemane: Why Should We Worship God in Love and Truth? (bukana e lekanang le makasine e maqephe a 32 bakeng sa Mahindu; phutheho le batho bohle: lisente tse 90; bo-pula-maliboho: lisente tse 60).
◼ Lik’hasete tse Ncha tsa Video tse Fumanehang:
Senyesemane: The Bible—Mankind’s Oldest Modern Book (phutheho le batho bohle: R45,00; bo-pula-maliboho: R40,00).