Tšebeletso ea Bethele—Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng
1 Rea nyakalla ho bona mosebetsi o moholo oo Jehova a o etsang matsatsing ana a qetello. Pesaleme ea 110:3 e bontša hore nakong ena tšobotsi e hlahelletseng ea batho ba Molimo e ne e tla ba ho ikemisetsa ha bona ho ba le karolo e mafolo-folo tšebeletsong ea ’Muso. Lefatšeng ka bophara batho ba Jehova ba ikitlaetsa ka matla hore litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloe. Buka ea Baboleli, leqepheng la 295, e re: “Ba bang ba sebeletsa e le litho tsa lelapa la lefatše lohle la Bethele. Sena ke sehlopha sa basebeletsi ba nako e tletseng ba ithaopetseng ho etsa eng kapa eng eo ba ka abeloang ho e etsa bakeng sa ho lokisetsa le ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele, ho etsa mosebetsi o hlokahalang oa ofisi, le ho etsa litšebeletso tse tšehetsang mesebetsi e joalo. Ona hase mosebetsi oo ho oona ba fumanang botumo kapa matlotlo a lintho tse bonahalang. Takatso ea bona ke ho tlotlisa Jehova, ’me ba khotsofalletse litokisetso tseo ba li etsetsoang joaloka lijo, bolulo, le chelete e fokolang bakeng sa ho koahela litšenyehelo tsa botho.” Haeba u kile ua etela Bethele, ho isa bohōleng bo itseng u se u tloaelane le mosebetsi o etsoang moo. Leha ho le joalo, re lakatsa ho fana ka boitsebiso bo eketsehileng bakeng sa ho eketsa kananelo ea hao ka tokelo ena e ikhethang ea tšebeletso le ho etsa hore u ele hloko litlhoko tsa Mokhatlo.
2 E le ho hlakisa pono mabapi le bohlokoa ba tšebeletso ea Bethele le lefa la eona le enneng, a re hlahlobe e ’ngoe ea histori ea eona—ea khale le ea hona joale—ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka lilemo tse ka bang 19, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa ba le ntlo-khōlō ea oona mohahong oa setene o mekato e mene 56-60 Arch Street, Allegheny, Pennsylvania. E ne e bitsoa Bible House. Leha ho le joalo, ka 1908, lelapa la Bible House, kapa basebetsi ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo, le ne le se le eketsehile ka litho tse fetang 30. E ne e le nako ea ho atolosa. Ka mor’a ho batla tataiso ea Molimo, baena ba ile ba etsa qeto ea hore Brooklyn e ka ba setsi se loketseng haholo bakeng sa mosebetsi. Kahoo ho ile ha rekoa mohaho 13-17 Hicks Street Brooklyn bakeng sa liofisi tsa Mokhatlo le holo. Liofisi tsena li ile tsa buloa ka la 31 January, 1909, empa mohaho ona oa Hicks Street o ne o se na sebaka sa bolulo. Pele, ho ne ho nahanoa hore mehaho ea bolulo e ka hiroa. Leha ho le joalo, ho ne ho se libaka tsa bolulo Brooklyn Heights tse neng li hirisoa. Phello e bile hore, baena ba ile ba makala ’me ba thaba ha ba khona ho reka “ka theko ea theolelo” mohaho oa mekato e mene oa lejoe le lesootho 124 Columbia Heights, e leng moo pele ho neng ho lula Henry Ward Beecher. Le 126 Columbia Heights e ile ea fumaneha. Watch Tower ea March 1, 1909, ka thabo e ile ea phatlalatsa: “Lehae le lecha re tla le bitsa Bethele,” e leng ho ileng ha nkela sebaka lebitso la Pittsburgh “Bible House.” Kahoo ka April 1909, Bethele e ile ea qala ho sebetsa, ’me lelapa la fallela lehaeng la lona le lecha. Bethele ea Brooklyn e ’nile ea ba sebakeng sona sena ka lilemo tse 85.
3 Na Bethele e ne e le lebitso le loketseng bakeng sa ntlo-khōlō ea Mokhatlo? Nahana ka tšimoloho ea lebitso lena le tšebeliso ea lona ka Bibeleng. Ha re khutlela morao nakong ea lilemo tse ka holimo ho tse 3 700, Genese khaolo ea 28 e pheta phihlelo ea Jakobo ea lilemo li 77, ea seng lenyalong. Jakobo o ne a ananela lintho tse halalelang empa o ne a hloiloe ke lefahla la’bo, Esau. A laetsoe ke Isaaka, ntat’ae, Jakobo o ile a baleha Beerseba ’me a leba leboea naheng ea beng ka Abrahama, moo Jakobo a neng a rerile ho fumana mosali teng. Ka mor’a hore a tsamaee lik’hilomithara tse ka bang 100, Jakobo o ile a robaletsa sebakeng se bitsoang Luse se maralleng a Judea. Ho Genese 28:10-19, re bala ka makolopetso a hlollang a kamoo Jehova a ileng a tiisetsa Jakobo kateng hore o tla mo neha tšehetso ea bomolimo. Torong, Jakobo o ile a bona lere e nyolohelang leholimong e tloha lefatšeng. Mangeloi a ne a tšoarehile a e-hloa le ho theoha lere ena, ’me Jehova o ne a lutse ka holimo ho eona. Eaba Jehova oa bua, a tiisa hore tšepiso e etselitsoeng Abrahama mabapi le peō e fetiselitsoe ho Jakobo le hore Jehova o ne a ke ke a mo tlohela. E bile phihlelo e susumetsang tšabo hakaakang ho Jakobo ea neng a amehile ka lintho tsa moea! Na ke ho makatsang hore ebe sebaka sena se ile sa fetoha se khethehileng haholo mahlong a hae? Ho eena sebaka sena e ne e le “ntlo ea Molimo,” kapa ka puo ea Seheberu, Behth-ʼElʹ, Behth e bolela “ntlo” ’me ʼEl e bolela “Molimo.”—Gen. 28:19, NW, mongolong o botlaaseng ba leqephe.
4 Ka hona, lebitso Bethele le na le boitsebiso bo hlokahalang bo enneng ba histori ’me le loketse bakeng sa ntlo-khōlō ea lefatše ea batho ba Jehova. Kajeno bahlanka ba Molimo ha ba be le litoro tse bululetsoeng ke Molimo. Ha ho bonoe mangeloi a e-hloa le ho theoha lere a tloha Bethele ho ea leholimong. Baena ha ba fuoe lipono kapa ho utloa lentsoe la Molimo ka ho toba. Leha ho le joalo, ha u nahana ka sohle se etsahetseng Bethele lilemong tsena tse fetileng tse 85, ho tloha nakong ea Moena Russell ho tla fihlela hona joale, ha ho pelaelo hore letsoho la Jehova le ’nile la e-ba le bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng, karolo ea peō ea moea ea Abrahama, Bethele. Ho na le liketsahalo tse ngata tse hlaheletseng historing ea Lipaki tsa kajeno tsa Jehova tse amanang haufi-ufi le Bethele! Nahana ka lintlha tse ling tsa sehlooho:
◼ Ka la 2 October, 1914, ha a kena ntlong ea ho jela ea Bethele e Brooklyn, Moena Russell ka nepo o ile a re: “Linako tsa Balichaba li felile; nako ea marena a bona e felile.”
◼ Mathoasong a bo-1920, borapeling ba hoseng, setho se seng sa basebetsi ba Mokhatlo ba bohlophisi se ile sa sebelisa polelo “mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo.” Sena se ile sa susumetsa mohopolo oa bona hoo ka 1925 baena ba neng ba hlokometse hore ho na le mekhatlo e hlophisitsoeng e ’meli e hlokomelehang le e loantšanang, oa Jehova le oa Satane.—w85-SU 3/15 leq. 8.
◼ Ka letsatsi le leng lihoreng tsa hoseng ka 1931, pejana feela ho kopano e Columbus, Ohio, mopresidente oa Mokhatlo, Moena Rutherford, o ile a lemoha hore lebitso Lipaki tsa Jehova ka sebele le hlalosa batho ba Molimo le mosebetsi oo ba neng ba se ntse ba o etsa le hore ba lokela ho tsebahala e le lipaki tsa Hae.—yb75 leq. 151.
◼ Mathoasong a 1935, ho ile ha phahama lipotso mabapi le hore na “bongata bo boholo,” kapa “letšoele le leholo,” ke bo-mang. (Tšen. 7:9; KJ) Ba bang har’a ba ileng ba ntša maikutlo a bona ka nako eo ba ile ba bontša hore e ne e le sehlopha sa lefatšeng. Ka la 31 May, 1935, kopanong ea Washington, D.C., ho ile ha fanoa ka tlhaloso e khotsofatsang.—jv-SU leq. 166.
5 Mehlala ena e ’maloa e hlakisa kamoo Jehova, ka moea oa hae o halalelang, a ileng a tataisa a ba a tšehetsa bahlanka ba hae ba tšepahalang ba tlotsitsoeng Bethele. Ho thoe’ng ka mangeloi? Ha u nahana ka khanyetso eohle e mabifi ea lira tsa rōna le lilemo tse thata tsa ha chelete e ne e fokola, ha ho pelaelo hore ntle ho tšireletso le thuso ea mangeloi, Bethele e ka be e sa sebetsa ka tsela e hlollang hakana ka lilemo tsena tsohle.
6 Ntle ho basebetsi ba ntlo-khōlō United States, ho na le malapa a Bethele makaleng a 100 a qalikaneng lefatšeng lohle. Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 116, e re: “Lebitso Bethele . . . ka sebele le hlile le tšoanela litsi tsena tsa mosebetsi oa puso ea leholimo.” Baithaopi ba Bethele ba abetsoe ho etsa mosebetsi oa mofuta ofe?
7 Mosebetsi o Fapa-fapaneng: Likabelo tsa mosebetsi tse fuoang litho tsa lelapa la Bethele li fapa-fapane. Lekaleng la Afrika Boroa, baena ba bang ba sebetsa fekthering ba sebetsa ka mechine ea khatiso e hatisang limakasine, libukana tse lekanang le makasine, le lipampitšana bakeng sa ho abuoa Afrika e ka boroa. Mosebetsi oa ba bang o ama ho romeloa ha likhatiso tsena liphuthehong tse fetang 1 400. Ba bangata ba abeloa ho hlokomela thepa le mehaho. Lehaeng la Bethele, ho na le mosebetsi o mongata bakeng sa ho hlokomela lelapa. Ka mohlala, ka metsotso e 20 ho feptjoa batho ba ka bang 760 lijo tsa hoseng matlong a mabeli a ho jela. Sebakeng sa ho hlatsoetsa liaparo, baena le bo-khaitseli ba hlatsoa liaparo tse etsang lik’hilogramo tse 3 200 beke e ’ngoe le e ’ngoe, ho kopanyelletsa le lihempe tse 2 300. Ho phaella moo, ba hloekisang ka matlong ba boloka tekanyo e phahameng ea bohloeki mehahong e robeli ea bolulo le ho hlokomela le mesebetsi e meng e mengata ea bohlokoa.
8 Litšoaneleho le Litlhokahalo: Ka lebaka la mokoka le matla a ’mele tse hlokahalang bakeng sa boholo ba mosebetsi ona, hona joale ho hlokahala banna ba bacha ba phetseng hantle ba masoha. E le hore a ka etsa kōpo bakeng sa tšebeletso ea Bethele, monna e mocha o tlameha hore ebe o inehetse le ho kolobetsoa bonyane ka nako e etsang selemo. E tlameha ho ba motho ea inehetseng, oa moea. Hape, o tlameha ho ikemisetsa ho etsa mosebetsi o boima. Lefatšeng kajeno, batho ba bangata ba nka mosebetsi o boima e le ntho e tlamehang ho qojoa. Kahoo monna e mocha ea etsang kōpo ea tšebeletso ea Bethele ho hlokahala hore a apare botho bo bocha ho isa bohōleng ba hore o batla ho etsa mosebetsi o boima, ho sebetsa ka matsoho a hae mosebetsi o molemo. (Bapisa le Ba-Efese 4:28.) Sena se bolela hore ha ea lokela ho ba motho ea behileng kelello ea hae telekisong ea menate ea botho, boikhathollo, kapa boithabiso. Ha a nahana ka tšebeletso ea Bethele, o lokela hore ebe o se a lahlile mekhoa e joalo ea bocha. Mantsoe a Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 13:11 a sebetsa hantle: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joalo ka ngoana, ke ne ke hopola joalo ka ngoana, ke ne ke lekanya joalo ka ngoana; mohla ke fetohileng monna, ke lahlile tsa bongoana.”
9 Na u pakeng tsa lilemo tse 19 le 35? Na u phela hantle, ’meleng le maikutlong? Na u ka bala, ua ngola, ’me ua bua Senyesemane hantle? Na u motho oa moea ea nang le lerato le tebileng ho Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng? Haeba ho thoe u tle Bethele, na u tla etsa tšebeletso eo ka botšepehi bonyane selemo se le seng, u etsa mosebetsi leha e le ofe oo u o fuoang? Haeba u ka arabela ka e, lipotsong tsena, u etsa hantle ha u nahana ka tokelo e ikhethang ea tšebeletso ea Bethele. Litlhohonolofatso li ngata.
10 Litlhohonolofatso Tsa Tšebeletso ea Bethele: Sehlooho se reng “Ho Talima ka Kananelo ‘Ntlo ea Molimo,’” ho Molula-Qhooa oa June 15, 1994, se itse: “Ha u le kopanong, na u ikutloa u khotsofetse ka ho tebileng, ha u pota-potiloe ke barapeli ba thabileng ba Jehova? Ak’u nahane ka sena, mosebetsi oa Bethele o na le tokelo ea ho sebeletsa Jehova a le har’a baena letsatsi le leng le le leng! (Pesaleme ea 26:12) Seo se fana ka litebello tse molemohali hakaakang tsa ho hōla moeeng! Moena e mong o ile a hlalosa hore nakong ea selemo se le seng a le Bethele o ithutile ho hongata ho ka mo thusang ho bōpa botho ba hae ho feta kamoo a ’nileng a etsa kateng ka lilemo tse tharo sebakeng se seng sesele. Hobane’ng? Hobane ha ho kae kapa kae moo a kileng a fumana monyetla oa ho ela hloko le ho etsisa tumelo ea ba bangata hakana ba nang le botho ba Bokreste ba hōlileng moeeng.” (Liprov. 13:20) Ka sebele, ena ke e ’ngoe ea litlhohonolofatso tse ikhethang tsa tšebeletso ea Bethele.
11 Bethele ea Brooklyn, baithaopi ba thabela botsoalle bo haufi le litho tsa Sehlopha se Busang le batlotsuoa ba bang, esita le baena ba tšepahetseng ka nako e telele ba sehlopha sa linku tse ling. Ho sa tsotellehe hore na motho o abetsoe mosebetsi ofe, ke tlhohonolofatso ho sebetsa bonngoeng le metsoalle e joalo e tšepahalang, e tšepahalang ka ho sa sekisetseng. Tse ling tsa litlhaloso tsa litho tse ling tsa lelapa la Bethele ea Brooklyn tse bontšang maikutlo a ba nang le karolo tokelong ena ea bohlokoa ea tšebeletso ke tsena:
◼ Moena e mong ea nang le lilemo tse 62 tšebeletsong ea Bethele, ea sebelitseng likabelong tse fapa-fapaneng lilemong tse fetileng, o ile a bua tjena ka moea o teng Bethele: “Bohle re lelapa le le leng; kaofela re baena. Re sebetsa hammoho. Bohle re na le likabelo tsa rōna. Ke ntho e babatsehang ho bona baena ba sebetsa ka thata; u ka bona boiteko boo ba bo etsang. Re na le baena ba fielang. Ha u boloka sebaka se hloekile, u boloka lelapa le phetse hantle. Ha u boloka lelapa le phetse hantle, lelapa le hlahisa litholoana. Ke ntho e hlokahalang. Ho bohlokoa ho ba le batho ba sebetsang liofising. Kaofela ha rōna re hlahisa litholoana—bopaki ba ’Muso lefatšeng ka bophara. Sena ke sebaka se molemo ka ho fetisisa lefatšeng bakeng sa hore mosebetsi oa hao e be ho sebeletsa Jehova. Haeba u batla ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng, u ka etsa seo hamolemo ka ho fetisisa hona mona. U na le lintho tsohle. Mona re thabela lintho tse eketsehileng. Ho etsa hore u tsebe mokhatlo o hlophisitsoeng hobane u utloa litaba tse tsoang likhutlong tsohle tsa lefatše.”
◼ Moena e mong ea tlotsitsoeng ea lilemo li 75, eo kabelo ea hae ea pele ea mosebetsi e bileng moo ho kopanngoang libuka lilemong tse 48 tse fetileng, o itse: “Ke phihlelo e ntle ho phela har’a bahlanka ba inehetseng, ba kolobelitsoeng ba Jehova. Ha ke bona monna e mocha a tla Bethele, pelo ea ka e tlala liteboho ho Jehova hobane kea tseba hore monna enoa o tla phela bophelo bo thabileng mona Bethele.” Mabapi le lintho tseo a nkang li le bohlokoa ka Bethele, o ile a phaella: “Ke rata batho ba eona. Ke nahana hore ba batle. Ho na le ntho e ’ngoe ka baena ba bileng Bethele ka lilemo tse ngata eo u ke keng ua e fumana sebakeng leha e le sefe lefatšeng. Ho na le mofuthu, kutloisiso, le bonngoe tseo ho leng thata ho li utloisisa.”
◼ Moena e mong ea bileng tšebeletsong ea Bethele ka lilemo tse ka holimo ho 62 o ile a bua tjena ka melemo e eketsehileng e fumanoang: “Ho tla Bethele ho u nolofaletsa hore u fumane thuto e khethehileng tabeng ea boboleli . . . ’me ka holimo ho tsohle, thuto ea Bibele bakeng sa ho u hlomella hore u be moemeli ea loketseng oa Jehova Molimo hohle moo u ka romeloang teng lefatšeng.”
◼ Setho sa Sehlopha se Busang, seo hona joale se leng lilemo li 92, se ’nile sa sebeletsa Bethele ka lilemo tse 58. Maikutlo a sona ke afe ka tšebeletso ea Bethele? “Lelapa la Bethele mona le lefatšeng ka bophara ke tokisetso e babatsehang ea batho ba inehetseng.”
◼ Likhoeli tse ’maloa pele setho se seng sa Sehlopha se Busang se e-shoa se tšepahala kabelong ea sona se le lilemo li 98, se ile sa bua ka tsela ena: “Ke rata ho sebeletsa Bethele. Ke sebaka se molemo ka ho fetisisa tlas’a letsatsi.”
◼ Pono ea monna e mong e mocha ka Bethele ke efe? Moena e mong e mocha o ile a ngola haufinyane: “Kaha Jesu o itse, ‘ho fana ho tlisa thabo e khōloanyane,’ Bethele ke sebaka se thabisang ka ho fetisisa seo nkileng ka ba ho sona.” O iphumanetse moea oa Bethele—ho fana.
◼ Moena e mong ea nang le lilemo tse 51 tšebeletsong ea nako e tletseng o ile a akaretsa lintho hantle ha a re: “Tšebeletso ea Bethele ka sebele ea ikhetha. Ke karolo ea bohlokoa haholo bakeng sa ho phethahatsoa ha morero oa Jehova mona lefatšeng. Kahoo mang kapa mang ea bang le tokelo ea ho sebeletsa Bethele o lokela ho nka sena e le sa bohlokoa haholo. Ka sebele, Bethele e re nolofalletsa ho phela bophelo ba boinehelo ba bomolimo ka botlalo.”
12 Kemiso ea Letsatsi le Letsatsi: Kemiso ea letsatsi le letsatsi ea setho sa lelapa la Bethele e etsa hore se amehe ka botlalo bophelong ba mosebetsi oa ’Muso. Ka 7:00 hoseng Mantaha ho fihlela Moqebelo, ho qaleha borapeli ba hoseng matlong a rōna a ho jela. Ho ba le litlhaloso tsa temana ea letsatsi tse etsoang ke litho tsa lelapa ebe ho ba le kakaretso ka setho sa Komiti ea Lekala kapa moena e mong ea nang le lilemo tse ngata tšebeletsong ea nako e tletseng, ebe ho latela thapelo ea hoseng. Lenaneo lena le matlafatsa lelapa moeeng bakeng sa mesebetsi ea letsatsi leo. Litho tsa lelapa la Bethele li tla paka hore ke ntho ea bohlokoa letsatsing leo. Ka mor’a lijo tse monate tsa hoseng, litho tsa lelapa la Bethele ka cheseho li ea likabelong tsa tsona tse fapa-fapaneng tsa mosebetsi. Letsatsi la mosebetsi Mantaha ho ea ho Labohlano le qala ka 8:00 hoseng ho ea ho 5:00 mantsiboea, ’me hora e le ’ngoe e beheletsoe ka thōko bakeng sa lijo tsa motšehare. Mosebetsi o boetse o lokiselitsoe ho tloha ka 8:00 hoseng ho ea ho 12:00 motšehare o moholo ka Moqebelo. Mantsiboea, motšehare oa mantsiboea ka Moqebelo, le ka Lisontaha, basebeletsi ba Bethele ba ea libokeng tsa bona tsa phutheho, ba kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo kapa oa thuto ea Bibele, kapa ba hlokomela boikarabelo ba bona ba botho. Ba ka sebelisa laebrari ea Bethele bakeng sa thuto ea botho kapa ho lokisetsa liboka. E, nako ea ho fumana phomolo e hlokahalang le boikhathollo e teng. (Mar. 6:31, 34) Ka tlhaloso ena e khutšoanyane, ho ka bonoa habonolo hore tšebeletso ea Bethele e lumella motho ho nehela nako ea hae e ngata letsatsi le letsatsi tšebeletsong e halalelang, a lokolohile litšitisong tsa tsamaiso ena ea khale ea lintho.
13 Mesebetsi ea Phutheho: Litho tsa lelapa la Bethele ea Afrika Boroa li abetsoe liphuthehong tse fetang 60 tikolohong ea Johannesburg. Ba nka karolo e phethoang ke liphutheho tseo ba leng ho tsona e le bohlokoa bakeng sa ho boloka bomoea ba bona. Kahoo, ba mafolo-folo liphuthehong tseo ba leng ho tsona, ba ba teng libokeng tse hlano ’me kamehla ba kopanela tšebeletsong ea tšimo le baena ba bona. Ho phaella libokeng tsa phutheho, lelapa la Bethele le na le Thuto ea lona ea Molula-Qhooa mantsiboeeng a Mantaha; baholo le bahlanka ba sebeletsang ba abeloa ho fana ka litlhaloso molemong oa bohle. Kaha kemiso ea Bethele e hatisa lintho tsa moea, e fella ka bophelo bo nyakallisang, bo thabileng ba tšebeletso ho Jehova.—1 Ba-Kor. 15:58.
14 Ho Itokisetsa Tšebeletso ea Bethele: Hangata banna ba bacha ba botsa hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba ka itokisetsa tšebeletso ea Bethele. Setho sa Sehlopha se Busang se sebeletsang Komiting ea Tsamaiso se itse: “Ha u tla Bethele, tlela ho sebeletsa, eseng ho sebeletsoa. Ha u ntse u ithuta ka ho eketsehileng ho sebeletsa, thabo ea hao e tla ba khōloanyane. Ithute ho fana eseng ho amohela. Ikokobetse, ipehe boemong bo tlaase. Litholoaneng tsa moea—ke hona moo Bokreste ba ’nete bo fumanehang teng.” E, ho hōlisa bomoea ba hao le ho ba le kamano e haufi le Jehova ke linotlolo tsa ho atleha Bethele. Ke ka lebaka leo hangata ho khethoang bo-pula-maliboho ha ho khethoa baithaopi ba bacha bakeng sa Bethele. Ha motho a se a itaile ka nako e itseng hore o tla qeta lihora tse 90 ka khoeli a bolela le ho ruta ’me a fana ho ba bang, haesita le ho etsa kemiso bakeng sa mosebetsi oa ho iphelisa, o hahile motheo o motle oa moea bakeng sa tšebeletso ea Bethele le mokhoa oa eona o hlophisehileng oa bophelo. Leha ho le joalo, ka kōpo hlokomelang hore tšebeletso ea Bethele ha ea lekanyetsoa feela ho ba bulang maliboho. Mang kapa mang ea finyellang litlhokahalo tsa motheo a ka etsa kōpo.
15 Ho phaella moo, ho molemo hore banna ba bacha ba ithute ho sebetsa ka matsoho a bona. Tsamaisong ena ea khale ea lintho mosebetsi oa matsoho o nkeloa tlaase. Boithati bo susumeletsa batho ba bangata hore ba lakatse mosebetsi o batlang boiteko bo fokolang kapa o ba fang ponahalo ea kantle ea hore ke batho ba maemo. Leha ho le joalo, ho tseba ho sebelisa lisebelisoa le mechine ho molemo haholo ebile hoa thusa. (Liprov. 22:29) Hangata, banna ba bacha ba ka ithuta mesebetsi ea matsoho ho batsoali ba bona kapa ba thusa banna ba hōlileng ba nang le phihlelo ha ba sebetsa mererong e fapa-fapaneng Holong ea ’Muso kapa ba thusa ba hōlileng ho etsa litokiso tse hlokahalang mahaeng a bona.
16 Ka linako tse ling bacha baa botsa: “Na ke lokela ho ba le koetliso e eketsehileng lefatšeng e le hore nka tšoaneleha bakeng sa tšebeletso ea Bethele?” Koetliso ea lefatše, ka boeona, ha e etse hore motho a tšoanelehe bakeng sa tšebeletso ea Bethele. Litšoaneleho tsa moea ke tsa bohlokoa haholo ’me ho hlokahala hore bohle ba mengoang ba be le tsona. Re khothalletsa batsoali le bana ba ntseng ba le lilemong tsa ho kena sekolo hore ba nahane ka hloko ka pono e leka-lekaneng ea thuto ea lefatše e boletsoeng ho Molula-Qhooa oa November 1, 1992, maqepheng a 15 ho ea ho 21. Ho etsa qeto tabeng ea thuto ea lefatše ke taba ea botho. Ho sa tsotellehe hore na motho o etsa qeto efe, o lokela ho tiisa hore o khona ho boloka khatelo-pele ea hae ea moea ka ho tsoela pele a tsepamisa mohopolo mosebetsing oa bohlokoa oa batho ba Jehova, ho pakela ’nete.
17 Ho sa tsotellehe mofuta oa koetliso ea lefatše oo motho a o fumanang, ke habohlokoa ka ho fetisisa hore motho a ithute ho nahana. Bibele e buella matla a ho nahana le bohlale bo ka sebelisoang. (Liprov. 1:4; 3:21) Ho ithuta ho nahana le ho boloka boitsebiso ho u nolofalletsa ho fumana tsebo le tsebo e itseng ea mosebetsi e tla thusa uena le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatše lohle. Qetellong, ho sa tsotellehe hore na motho o na le tsebo efe ea mosebetsi, ke habohlokoa haholo ho khona ho sebelisana le batho ba bang hantle. Baithaopi ba Bethele ba tlameha ho sebetsa haufi-ufi e le sehlopha ho phetha mosebetsi. Kahoo, moea oa ho ipusa kapa oa tlhōlisano o tlameha ho nkeloa sebaka ke boikutlo bo nang le tšebelisano le lerato le ho ikemisetsa ho ikokobeletsa tataiso ea puso ea Molimo.—Bapisa le Ba-Efese 4:16.
18 Bacha ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ba na le monyetla o babatsehang oa ho sebeletsa ho hōlisa bokhoni bo boletsoeng ka holimo. Joale, haeba ba memeloa ho tla sebeletsa Bethele, ba tla ba boemong bo botle ba ho koetlisoa ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova bakeng sa boikarabelo bo eketsehileng. Re khothalletsa lōna batsoali ba Bakreste le baholo ho tsoela pele le beha taba ena ka pele ho bacha. Batsoali ba bangata kamehla ba tlisa bana ba bona hore ba bone sebaka sa Bethele, ka hona ba ba tloaetsa se etsoang mona. Sena se entse hore ba bangata ba tle Bethele ka mor’a ho qeta thuto ea bona.
19 Ba Nang le Phihlelo: Ka linako tse ling ho ba le monyetla oa moena kapa khaitseli ea lilemo tse batlang li feta 35 ’me a e-na le koetliso le tsebo eo Bethele e e hlokang. Boholo ba mosebetsi oo hona joale Mokhatlo o o etsang o hloka ba nang le phihlelo hore ba sebetse le banna ba bacha ba matla, ba nang le bokhoni ba ka koetlisoang, “ea rutehileng le ea rutoang.”—1 Likron. 25:8.
20 Mosebetsi o mongata oa kajeno o hloka ba nang le tsebo ea lielektronike kapa phihlelo ka computer programming. Mokhatlo o na le mechine e mengata ea fotokopi, liprinthara tsa laser, le li-computer tse nyenyane, tseo kaofela li hlokang ho hlokomeloa. Hape ho na le tlhokahalo lefapheng la molao le la bongaka: babuelli ba molao, lingaka, li-physical therapist, baoki ba ngolisitsoeng ka molao ’me ba e-na le mangolo. Ba nang le tsebo mesebetsing e fapa-fapaneng ea kaho, e kang boenjiniere, ho sebetsana le lipeipi tsa tsamaiso ea metsi, motlakase, le HVAC (heating, ventilation, and air-conditioning [ho futhumatsa, ho fana ka moea o hloekileng, le ho fehla moea o chesang le o batang]), ba ka sebelisoa. Baena ba hōlileng ba nang le tsebo e batsi ea ho boloka libuka tsa khoebo, haholo-holo ba nang le mangolo, ba ka ba le thuso haholo. E le ho fokotsa litšenyehelo, Mokhatlo o na le likoloi tsa oona bakeng sa ho tšehetsa mesebetsi ea ho romela libuka. Ka hona, ho hlokahala bakhanni ba nang le phihlelo le bo-mek’henike.
21 Re hloka haholo baena ba inehetseng ba masoha le ba nang le tsebo e khethehileng, bao ba bang ba bona e ka ’nang eaba ba lenyalong. U ka fumana likōpo tsa Bethele ho molebeli oa hao oa potoloho kapa kopanong ea setereke sebokeng se khethehileng se tšoareloang ba thahasellang tšebeletso ea Bethele, kapa u ka ngolla Watch Tower Society, Attention: Bethel Office, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740. Haeba u lenyalong, hopola hore molekane oa hao le eena o tlameha ho tšoaneleha moeeng, maikutlong, le ’meleng bakeng sa tšebeletso ea Bethele. Haeba u e-na le koetliso le phihlelo ho e meng ea mesebetsi e boletsoeng ka holimo, ka kōpo u ngole ka ho qaqileng lengolo le hlalosang phihlelo eo u nang le eona mosebetsing oa hao ebe u le qhoaella foromong ea hao ea kōpo ea Bethele.
22 Na U ka Arabela Pitso e Potlakileng? Ho na le tlhokahalo e potlakileng Bethele ea baithaopi. Haeba u finyella litlhokahalo tsa tšebeletso ea Bethele, re u khothalletsa ka matla hore u romele kōpo ea Bethele e le ha u arabela pitso ena e potlakileng. U se ke ua nyahama haeba u sa mengoe hang-hang. U ka nchafatsa kōpo ea hao selemo le selemo. Sena se re fa boitsebiso ba morao-rao mabapi le hore na u ntse u fumaneha.
23 Moo moprofeta Esaia a ntseng a utloa, Jehova o ile a botsa: “Ke tla roma mang? Ho tla ea mang bakeng sa rōna?” Ntle le ho tsila-tsila Esaia o ile a arabela: “Ke ’na enoa, roma ’na!” Ka hona, Esaia o ile a qala mosebetsi o babatsehang e le moprofeta oa Molimo. Na u ka re, “Ke ’na enoa, roma ’na”? U letetsoe ke litlhohonolofatso tse ngata haeba u bitsoa hore u sebeletse Bethele, “Ntlo ea Molimo.”—Esa. 6:8.