Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 4 September ho ea ho la 18 December, 1995. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Lipaki tsa Jehova ha li na moeta-pele. [jv-SU leq. 117 ser. 4]
2. Esaia 38:5 e re thusa ho utloisisa hore likōpo tse tiileng tse tšepahalang li ka susumelletsa Jehova hore a etse seo mohlomong a neng a ke ke a se etsa. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 4/1 leq. 14.]
3. Motho ea fokolang ea lefatšeng a ka utloisa ’Mōpi oa bokahohle bohloko kapa a mo thabisa. (Esa. 63:10) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w93-SU 6/15 leq. 15.]
4. N. H. Barbour o ne a bolela hore o lumela thekollo, hore Kreste o shoele bakeng sa rōna. O ile a hana khopolo ea “ho nkela sebaka”—hore Kreste o shoele ho e-na le rōna. [jv-SU leq. 131 lir. 3, 4, mongolo o botlaaseng ba leqephe]
5. Esaia 53:5, 12 e boletse esale pele hore Jesu Kreste o ne a tla shoa e le sehlabelo sa thekollo bakeng sa ho koahela libe tsa ba bang. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 10/1 leq. 14.]
6. Ka ho ithuta ha hae Mangolo, Russell o ile a hlokomela hore hase feela hore Kreste o tla khutla a sa bonahale empa hape o ne a tla lula a sa bonahale, esita le mohla a bonahatsang ho ba teng ha hae ka ho ahlola ba khopo. [jv-SU leq. 133 ser. 3]
7. Le hoja Lipaki tsa Jehova li sa nke karolo leha e le efe lipolotiking, ha li itšunya-tšunye ho seo ba bang ba se etsang tabeng ea ho ba setho sa mokha oa lipolotiki, ho ba e mong oa bo-nkhetheng, kapa ho khetha likhethong. [uw-SU leq. 166 ser. 12]
8. Bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba pele ho nako ea Kreste ba ne ba sa tsebe letho ka lefatše le lecha leo re le lebeletseng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 2/15 leq. 11.]
9. Cyruse o ile a fetoha “motlotsuoa” oa Jehova esita le hoja ho se bopaki ba hore o ile a tlotsoa ka oli ea sebele. (Esa. 45:1) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 11/15 leq. 30.]
10. E le hore Bakreste ba ka sebeletsa Molimo ka boinehelo bo feletseng, ho hlokahala hore ba tsebe letsatsi le hora tseo ka tsona Jehova a tlang ho felisa tsamaiso ea lefatšeng ea Satane. [uw-SU leq. 176 ser. 2]
Araba lipotso tse latelang:
11. Ke neng Mokreste a lokelang ho bolella ngaka qeto ea hae ea ho se amohele mali? [uw-SU leq. 158 ser. 9]
12. Jesu e ne e se karolo ea lefatše ka tsela efe? [uw-SU leq. 161 ser. 2]
13. Ho bolela Lentsoe la Molimo ka sebete ha ho bolele eng? [uw-SU leq. 175 ser. 13]
14. Hantle-ntle “Iseraele oa Molimo” ke mang, hona o ile a tsebahala ka selemo sefe? (Ba-Gal. 6:16) [jv-SU leq. 141 lir. 3, 4]
15. Morao ka 1962 ho ile ha lemohuoa molao-motheo ofe ka ho hlakileng o ileng oa hlakisa kutloisiso ea rōna tabeng ea ho ikokobelletsa “balaoli ba phahameng”? (Ba-Roma 13:1-7, NW) [jv-SU leq. 147 ser. 3]
16. Le hoja ka 1931 re ne re tsejoa re le Bakreste hape re le Liithuti tsa Bibele, ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore re amohele lebitso le re khethollang la Lipaki tsa Jehova? [jv-SU leq. 150 ser. 5–leq. 151 ser. 2]
17. Ke tumelo efe mabapi le lefatše le temana ea Mattheu 5:5 e arotseng Lipaki tsa Jehova ho malumeli ’ohle a Bokreste-’mōtoana? [jv-SU leq. 161 ser. 3]
18. Ke libukeng le likhaolong life moo Likosepele tse tharo li fanang ka boitsebiso mabapi le pontšo e nang le likarolo tse ngata e khethollang “bofelo ba tsamaiso ea lintho”? [uw-SU leq. 178 ser. 5]
19. Ke hobane’ng ha lebitso Lipaki tsa Jehova e se lebitso feela tjee? [jv-SU leq. 158 ser. 4]
20. Ke hobane’ng ha ho se bothata har’a Lipaki tsa Jehova mabapi le hore na bofebe, bohlola kapa bosodoma bo lokela ho talingoa joang? [jv-SU leq. 173 ser. 1, leq. 174 ser. 3]
Fana ka lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
21. Ha Mokreste a kena sepetlele, o lokela ho etsa kōpo ea _________________________ hore ho se ke ha sebelisoa mali, ’me o lokela ho _____________________ sena ka seqo le ngaka e tla beng e mo sebetsa. [uw-SU leq. 158 ser. 9]
22. Litsela tse peli tseo ka tsona re bontšang hore re tšepile Jehova ke ka ho ba teng kamehla _________________________ le hore kamehla re retelehele ho eena ka _______________________________ . [uw-SU maq. 170-1 lir. 5-7]
23. Ho tloha ka 1976 ho ea ho 1992, basebetsi ba baithaopi ba merero ea _________________________ ba ile ba thusa ho haha mehaho e mecha ea _________________________ linaheng tse ka bang 60, ho ile ha thehoa _________________________ tse ncha tse fetang 29 000 lefatšeng lohle, ’me mokhatlo o hlophisitsoeng o ile oa batla o eketseha ka makhetlo a _________________________ ka boholo ka bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 4 470 000. [jv-SU leq. 114 ser. 2, leq. 115 ser. 2, le leq. 117 ser. 2]
24. Ka June 1882, Zion’s Watch Tower e ile ea phatlalatsa hore _________________________ le _________________________ ke batho ba _________________________ eseng boleng bo le bong, hore ba bang ka kutloisiso ea hore baa _________________________, le hore moea hase _______________________ joalokaha le moea oa lefatše e se motho. [jv-SU leq. 123 ser. 4]
25. Ka la 22 June, 1977, libeke tse peli ka mor’a lefu la Moena Knorr, _________________________ o ile a fetoha mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower. [jv-SU leq. 109 ser. 3]
Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
26. Bakreste ba pele ba ile ba songoa ka hore ba hloile moloko oa batho hobane (ba ne ba sa bue le ba sa lumelang; ba ne ba sa rapele litšoantšo; ba ne ba qoba boithabiso bo mabifi le ba boitšoaro bo bobe). [uw-SU leq. 163 ser. 7]
27. Papisong ea Jesu ho Mattheu 13:36-43, koro e emela (banna ba khale ba neng ba tšepahala; bongata bo boholo; Bakreste ba tlotsitsoeng), athe mofoka o ne o emela (bohle ba sa lumelang; Bakreste-’mōtoana; bangoli le Bafarisi). [uw-SU leq. 179 ser. 7]
28. Morero o moholo oa Molimo ke (ho pholosa batho; ho felisa Diabolose; ho tlosa qoso bobusing ba hae). [jv-SU leq. 167 ser. 1]
29. Phetoho e qalileng ka la 1 October, 1972 mokhatlong o hlophisitsoeng, e ile ea qaqisa hore ho khethoe (molebeli; mohlanka oa phutheho; sehlopha sa baholo) bakeng sa ho hlokomela phutheho ka ’ngoe. [jv-SU leq. 106 ser. 1]
30. Re na le tlaleho ea bophelo ba Jeremia e feletseng haholoanyane ho feta ea baprofeta leha e le bafe ba bang ntle ho (Daniele; Esaia; Moshe). [si-SU leq. 124 ser. 5]
Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
Lev. 17:11, 12; Esa. 43:10; Jer. 7:31; Joh. 10:16; Lik. 4:13
31. Thuto e fokolang ea sekolo ha e etse hore motho a se tšoanelehe ho ba ’moleli ea sebete oa litaba tse molemo. [uw-SU leq. 172 ser. 8]
32. Tšebeliso e le ’ngoe feela ea Mangolo e bontša khalalelo ea oona le ho hatisa bohlokoa ba sehlabelo sa Kreste sa thekollo. [uw-SU leq. 159 ser. 11]
33. Ha ho phehisano pakeng tsa sehlopha sa batlotsuoa le bongata bo boholo, ’me ha ho khopolo ea hore ka lebaka la tšepo kapa boemo boo motho a nang le bona, o phahametse ba bang kapa o ka tlaase ho bona. [jv-SU leq. 171 ser. 2]
34. Ha ho ea bileng teng pele ho Jehova; ha ho molimo ea kileng a ba teng pele ho eena, hape ho ke ke ha e-ba le ea mo hlahlamang hobane o teng ka ho sa feleng, ke ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 1/15 leq. 22.]
35. Kajeno le ka mohla batho ba bangata ba baholo ha ba tleloe ke khopolo ea ho nyehela bana ba bona e le mahlabelo ho litšoantšo tse rapeloang, leha ho le joalo bana ba limilione tse ngata ba bolaoa ka boomo ka ho ntšoa ha mpa, ’me bacha ba limilione ba nyeheloa aletareng ea ntoa. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 1/15 leq. 31.]