Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/97 leq. 2
  • Ke Hobane’ng ha re Tsoela Pele ho Khutlela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Tsoela Pele ho Khutlela?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoelang Pele Le Bolela ka ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lebaka Leo re Lulang re Khutlela ka Lona
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tsoela Pele U Bolela?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Tsoelang Pele le Bolela!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 5/97 leq. 2

Ke Hobane’ng ha re Tsoela Pele ho Khutlela?

1 Na u kile ua ipotsa potso eo, mohlomong ha u ntse u lokisetsa letsatsi tšebeletsong? Libakeng tse ling moo tšimo ea rōna e sebetsoang khafetsa beng ba matlo ba ka ’na ba hlokomela hore na re bo-mang ’me ba potlakela ho re leleka. Ke ba ’maloa feela ba ka ’nang ba arabela ka mokhoa o motle. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a bohlokoa a hore na ke hobane’ng ha re tsoela pele ho khutlela.

2 Pele, re laeloa hore re tsoele pele ho bolela molaetsa oa ’Muso ho fihlela bofelo bo fihla. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Moprofeta Esaia o ile a botsa hore na o lokela ho tsoela pele ka nako e kae ka mosebetsi oa hae oa boboleli. Karabo eo a ileng a e fumana e tlalehiloe ho Esaia 6:11. Ka ho hlakileng—o ile a bolelloa hore a tsoele pele ho khutlela ho batho ka molaetsa oa Molimo. Ka ho tšoanang kajeno, le hoja batho ba ka re leleka, Jehova o lebeletse hore re tsoele pele ho khutlela ho batho ba lulang tšimong ea rōna. (Ezek. 3:10, 11) Bona ke boikarabelo bo halalelang bo behiloeng tlhokomelong ea rōna.—1 Bakor. 9:17.

3 Lebaka le leng le etsang hore re tsoele pele ho khutlela ke hore sena se re fa monyetla oa ho bontša botebo ba boinehelo ba rōna ho Jehova. (1 Joh. 5:3) Ntle ho moo, ha re nahana ka seo bokamoso bo se fuparetseng moloko oa batho, ke joang re ka khaotsang hore ka lerato re leke ho hlokomelisa baahisani ba rōna? (2 Tim. 4:2; Jak. 2:8) Ho tsoela pele ha rōna ka botšepehi ho phethahatsa kabelo ea rōna ho fana ka menyetla e eketsehileng ho bona ea hore ba arabele molaetseng oa Molimo oa poloko, e le hore ba se ke ba re ha baa ka ba hlokomelisoa.—Ezek. 5:13.

4 Ho phaella moo, ha re tsebe hore na ke neng lipelo tsa batho ba bang li tlang ho fetoha. Li ka susumetsoa ke ho fetoha ha boemo ba bona, tlokotsi lelapeng la bona kapa maemo a lefatše a etsang hore ba nahane ka botebo ka bokamoso ba bona. Ka lehlakoreng le leng, ntho e itseng eo re e buang menyakong ea bona e ka etsa hore ba arabele hantle. (Moek. 9:11; 1 Bakor. 7:31) Hape, batho baa falla. Re ka fumana beng ba matlo ba bacha tšimong ea rōna ba tla arabela litabeng tse molemo—mohlomong bacha ba seng ba hōlile bao hona joale ba itulelang ba le bang ’me ba nahana ka botebo ka morero oa bona bophelong.

5 Na re tla tsoela pele ho khutlela? E! Mangolo a re neha mabaka a mangata a ho khutlela ho batho ka makhetlo a mangata. Qetellong, ha mosebetsi oa boboleli o phethiloe, Jehova o tla re hlohonolofatsa bakeng sa boiteko ba rōna bo tsoelang pele tšebeletsong, ’me o tla hlohonolofatsa ba ileng ba arabela ka kananelo litabeng tse molemo tsa ’Muso.—1 Tim. 4:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela