“Le Apare Botho bo Bocha”
1 Bakreste ba ananela ho tseba ’nete! Re ithutile kamoo re ka phelang kateng e le hore re qobe tsela ea batho ba lefatše. Kaha ba “arohile bophelong boo e leng ba Molimo,” ba “lefifing likelellong.” (Baef. 4:18) Re rutiloe ho fetola likelello tsa rōna monahanong oa lefatše ka ho hlobola botho ba khale le ho apara bo bocha.—Baef. 4:22-24.
2 Botho ba khale bo lebisa tseleng e theohelang boitšoarong bo hlephileng, bo fellang ka tšilafalo le lefu. Ka hona, re ipiletsa ho ba tlang ho mamela molaetsa oa ’Muso hore ba tlohele khalefo eohle, bohale, bobe, mahlapa le puo e litšila. Ba lakatsang ho fumana kamohelo ea Molimo ba lokela ho hlobola botho ba khale ka tieo le ka ho feletseng—ka tsela e tšoanang le eo ba neng ba tla hlobola seaparo se litšila ka eona.—Bakol. 3:8, 9.
3 Matla a Macha a Susumetsang Kelello: Ho apara botho bo bocha ho akarelletsa ho nchafatsoa matleng a susumetsang likelello tsa rōna. (Baef. 4:23) Motho o nchafatsa matla ao, kapa boemo ba kelello joang, e le hore a sekamele tseleng e nepahetseng? Sena se etsoa ka ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla, ka mafolofolo le ka ho thuisa ka seo le se bolelang. Ebe joale ho hōla mokhoa o mocha oa ho nahana, ’me motho o bona lintho ka pono ea Molimo le Kreste. Bophelo ba motho boa fetoha ha a ikapesa ka litšoaneleho tse kang tsa Kreste, ho akarelletsa kutloelo-bohloko, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, mamello le lerato.—Bakol. 3:10, 12-14.
4 Ha re apara botho bo bocha, rea ikarola lefatšeng lena. Tsela ea rōna ea bophelo e re etsa ba fapaneng. Re bua ’nete ’me re sebelisa puo e hloekileng hore re hahe ba bang. Re laola bohale ba rōna, khalefo, ho omana, ho hlapaola le bobe bohle ’me lintho tseo re li nkela sebaka ka litšoaneleho tse lokileng, tsa bomolimo. Mabapi le ho tšoarela, re etsa se fetang seo ka tloaelo ho lebeletsoeng hore re se etse. Sena sohle se etsoa ka boikemisetso ho tsoa pelong.—Baef. 4:25-32.
5 Le ka mohla, u se ke ua hlobola botho bo bocha. Re ke ke ra sebeletsa Jehova ka mokhoa o amohelehang kantle ho bona. Bo sebelise ho u thusa hore u hulele batho ’neteng, ’me u bo lumelle hore bo tlotlise Jehova, ’Mōpi oa botho ba rōna bo bocha bo babatsehang.—Baef. 4:24.