Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/99 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 4/99 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka April le May: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! E-bang le bukana ea Seo a se Hlokang bakeng sa batho ba thahasellang, ’me le leke ka matla ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. June: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 e sekoahelo sa pampiri. July le August: Ho ka fanoa ka bukana leha e le efe e maqephe a 32 ka monehelo oa R1,20 bukana ka ’ngoe ho tse latelang: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ho Rōna ha Re E-shoa?, Morero oa Bophelo ke Eng—O ka u Fumana Joang?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na u Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Na Ruri Molimo oa re Tsotella? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Bukana ea Buka ea Batho Bohle, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? le Will There Ever Be a World Without War? li ka fanoa moo ho loketseng.

◼ Re thabela ho tlaleha hore ba bangata ba ile ba sebetsa ka thata ka 1998 phutuhong ea tšimo e sa abuoang. Kakaretso ea bahoeletsi ba 6376 e ile ea qeta lihora tse 61 356 ba aba limakasine tse 27 231, libuka tse 7038 le libukana tse 21 247. Ba ile ba etsa maeto a ho boela a 20 802 ’me ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 618. Ena ke tlaleho e ntle haholo ’me re lebeletse ka cheseho e khōlō phutuhong ea 1999, e tla ba ho tloha ka August ho ea ho October.

◼ Ho hlokahala hore Mokhatlo o be le tlaleho e nakong ea liaterese le linomoro tsa thelefono tsa balebeli bohle ba okamelang le bangoli. Haeba ho e-na le phetoho nakong leha e le efe, mongoli o lokela ho tlatsa le ho romela foromo ea (S-29) Phetolo ea Aterese ea Molebeli ea Okamelang/Mongoli ho Mokhatlo kapele-pele. Sena se akarelletsa le liphetoho leha e life tsa nomoro ea sebaka ea poso.

◼ Bangoli ba liphutheho ba lokela ho ba le liforomo tsa bopula-maliboho tse lekaneng tse latelang: Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho ba Kamehla (S-205), Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Thusang (S-205b) le Tsebiso ea ho Tlohela Tšebeletso ea Bopula-maliboho ba Kamehla (S-206). Liforomo tsena li ka odaroa ka foromo ea Literature Order (S-14). Bonyane ba be le tsa selemo kaofela. Hlahlobang foromo ea kōpo ea bopula-maliboho ba kamehla ho etsa bonnete ba hore e feletse. Haeba bakōpi ba sa hopole hantle hore na ba kolobelitsoe neng, ba lokela ho hakanyetsa letsatsi leo ’me ba boloke tlaleho ea lona.

◼ Selemong se fetileng sa tšebeletso, Likomiti tsa Kaho tsa Libaka li ile tsa thusa liphutheho tse 37 ka kaho ea Liholo tsa tsona tsa ’Muso. Leha ho le joalo, ho sa ntse ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse ka bang 280, tlhokahalo e khōlō e sebakeng sa Pietersburg, hammoho le Lesotho le Swaziland. Ka hona, re ipiletsa ho ba nang le tsebo ea ho haha le ba batlang ho thusa libakeng tsena hore ba ngole lengolo le ho le fa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho ea habo bona. E tla fana ka litlhaloso tsa eona ’me e le fetisetse ho Mokhatlo kapele kamoo ho ka khonehang. Ho ithaopela ha hao ho thusa ho tla thusa Mokhatlo ho khahlametsa phephetso ea ho haha Liholo tsa ’Muso tse hlokahalang haholo.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara meqolo ea Molula-Qhooa le Tsoha! bakeng sa 1998. Meqolo ena e tla fumaneha ka Sejeremane, Senyesemane le Sepotoketsi. Haeba phutheho ea lōna e e-na le ak’haonte ea libuka ho Mokhatlo le se ke la romela chelete le liodara. E tla lefisoa ak’haonteng ea libuka ea phutheho. Ho fihlela meqolo eo e fumaneha ’me e romeloa, li-invoice tsa phutheho li tla ’ne li hlahe li ngotsoe “Back Ordered.” Liphutheho tse nang le khaello ak’haonteng ea tsona ea libuka li lokela ho romela chelete le liodara tsa tsona. Meqolo eo ke thepa ea setoko se laoloang ’me e tla lefisoa R30,00 o le mong bakeng sa phutheho le bo-pula-maliboho.

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Ka lebaka la liketsahalo tse phahameng tsa tlōlo ea molao, lihlopha tsohle tsa baholo li lokela ho etsa litokisetso tse molemo bakeng sa ho sireletseha ha bara le barali babo rōna ha ba le Holong ea ’Muso hammoho le moo ho tšoareloang thuto ea buka. (Bonang Molula-Qhooa oa December 15, 1998, leqepheng la 21-5.)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela