Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/99 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 6/99 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka June: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 e sekoahelo sa pampiri. July le August: Ho ka fanoa ka bukana leha e le efe e maqephe a 32 ka monehelo oa R1,20 bukana ka ’ngoe ho tse latelang: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha Re E-shoa?, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Libukana tsa Buka ea Batho Bohle, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? le Will There Ever Be a World Without War? li ka fanoa moo ho loketseng. September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 e sekoahelo sa pampiri.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong eo a mo khethileng o lokela ho hlahloba boemo ba lichelete tsa phutheho ka la 1 June kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Ha sena se entsoe, tsebisa phutheho ka mor’a hore tlaleho e latelang ea lichelete e etsoe.

◼ Ha le odara lingoliloeng ho kōpuoa hore le se ke la bolela hore na le batla khatiso e sekoahelo se thata kapa e sekoahelo sa pampiri. Hona joale ho sa ntse ho e-na le likhatiso tse sekoahelo se thata ha tse ling hona joale li fumaneha feela ka khatiso ea pampiri. Ha lingoliloeng tsena li boetse li hatisoa bocha li tla hatisoa e le tse sekoahelo sa pampiri. Kahoo Mokhatlo o tla ba le khatiso e le ’ngoe feela setokong ka linako tsohle, ’me ena e tla ba eona khatiso eo ho fanoang ka eona nakong eo ho amoheloang odara. Lingoliloeng tse latelang qetellong li tla fumaneha feela e le tsa sekoahelo sa pampiri: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, Lekunutu la Thabo ea Lelapa, Bibele—Lentsoe la Molimo kapa la Motho? Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, Is There a Creator Who Cares About You?, Buka ea Selemo ea Lipaki tsa Jehova le Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? (E nyenyane). Lingoliloeng tse ling tsohle li tla sala e le libuka tse sekoahelo se thata, ntle leha le ka tsebisoa ka tsela e ’ngoe nakong e tlang.

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Letsatsi la kopano ea setereke e latelang le fetohile:

La 26-28 November:

Vereeniging

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Apply Yourself to Reading and Writing (Phutheho le bo-pula-maliboho: R2,50)—Senyesemane

◼ Lik’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:

Families—Make Daily Bible Reading Your Way of Life! (Tšoantšiso, k’hasete e le ’ngoe; phutheho: R10,50; bo-pula-maliboho: R9:50)—Senyesemane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela