Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka July le August: Ho ka fanoa ka bukana leha e le efe e maqephe a 32 ka monehelo oa R1,20 bukana ka ’ngoe ho tse latelang: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha Re E-shoa?, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Libukana tsa Buka ea Batho Bohle, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? le Will There Ever Be a World Without War? li ka fanoa moo ho loketseng. September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 e sekoahelo sa pampiri. October: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
◼ Ho tloha ka September, balebeli ba potoloho ba tla fana ka puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng, “Jehova ke ‘Setšabelo se Tiileng’ Bakeng sa Batho ba Hae.”
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara liforomo tse lekaneng bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 2000 odareng ea tsona ea July. Re kōpa hore le sebelise liforomo tsena ka bohlale. Li lokela ho sebelisetsoa morero oa tsona feela.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Ho na le letsatsi le lecha bakeng sa kopano e latelang ea setereke:
La 17-19 December:
Lebowakgomo