Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/99 maq. 2-7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 10/99 maq. 2-7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka October: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka monehelo oa R1,00 e le ’ngoe. November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ka monehelo oa R1,20 kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 ea sekoahelo sa pampiri. Tse ling tseo ho ka fanoang ka tsona: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R4,00. December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R9,00 ha le fana ka buka e sekoahelo se thata le R7,75 ha le fana ka ea sekoahelo sa pampiri. January: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R19,00, kapa le Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R11,50.

◼ E ’ngoe ea likenyelletso tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ke “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ea 2000” ’me e lokela ho bolokoa bakeng sa litšupiso ho pholletsa le 2000.

◼ Haeba linako tsa liboka tsa phutheho ea lōna li tla fetoha ka la 1 January, ho ka ’na ha hlokahala hore le odare phepelo e ncha ea limemo bakeng sa ho bontša linako tsa liboka tse fetotsoeng.

◼ Joale liphutheho li ka odara temana ea selemo ea 2000, e fumanehang ka R16,00 e le ’ngoe, ka Seafrikanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Theko e tla lefisoa ak’haonteng ea libuka. Liphutheho tse nang le khaello ak’haonteng ea tsona ea libuka li lokela ho romela chelete le odara ea tsona. Ho buelloa hore liphutheho tsohle li manehe temana ea selemo e ncha ka la 1 January, 2000.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2000 hammoho le odara ea tsona ea kamehla ea libuka ho tloha ka la 1 October. Libukana tseo li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sechichewa, Sefora, Segerike, Sejeremane, Sekwanyama, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela libukana tsena li fumaneha ’me li romeloa, li tla ’ne li hlahe e le “Back Ordered” ho li-invoice tsa phutheho. Libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo ke thepa ea setoko se laoloang ’me li tla lefisoa ak’haonteng ea libuka ka R2,50 e le ’ngoe, e leng theko ea bahoeletsi le bo-pula-maliboho. Bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng ba bileng lenaneng pele ho la 1 July, 1999, ba ka fumana kopi ea mahala.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Apply Yourself to Reading and Writing (Phutheho: R5,00; bo-pula-maliboho: R3,75)—Sepotoketsi, Setsonga

New World Translation of the Ho-ly Scriptures (bi12; phutheho: R20,00; bo-pula-maliboho: R15,00)—Setsonga

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela