Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. April le May: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Lulang le e-na le bukana ea Seo a se Hlokang bakeng sa batho ba thahasellang, ’me le leke ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. June: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Tsepamisang mohopolo tabeng ea ho qala lithuto tsa lehae tsa Bibele.
◼ Bahoeletsi ba lakatsang ho sebetsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka April le May ba lokela ho etsa litokisetso hona joale ’me ba fane ka likōpo tsa bona esale nako. Sena se tla thusa baholo hore ba etse litokisetso tse hlokahalang tsa tšebeletso ea tšimo le ho ba le limakasine tse lekaneng le lingoliloeng tse ling. Mabitso a bohle ba amohetsoeng hore e ka ba bo-pula-maliboho ba thusang a lokela ho tsebisoa phutheho khoeli le khoeli.
◼ Tokollo ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e na le kemiso e feletseng ea thuto bakeng sa buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! Le ka ’na la rata ho iketsetsa likopi tsa eona ’me le e kenye libukeng tsa lōna e le hore le ka e fumana habonolo.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 March kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se se se entsoe, tsebisang phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho ea liak’haonte e latelang.
◼ Sehopotso se tla tšoaroa ka Laboraro, la la 19 April, 2000. Haeba ka tloaelo phutheho ea lōna e e-ba le liboka ka Laboraro, li lokela ho fetoleloa letsatsing le leng la beke haeba Holo ea ’Muso e sa sebelisoe. Haeba le ke ke la khona ho etsa sena ’me Seboka sa lōna sa Tšebeletso se ameha, lipuo tseo ka ho khetheha e leng tse sebetsang phuthehong ea lōna li ka kenyelletsoa Sebokeng se seng sa Tšebeletso.
◼ Mokhatlo ha o tlatsetse bahoeletsi liforomo tsa ho kōpa libuka. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli e ’ngoe le e ’ngoe pele ho romeloa kōpo ea libuka ea phutheho ea khoeli le khoeli ho Mokhatlo e le hore bohle ba thahasellang ho iphumanela libuka ba ka tsebisa mor’abo rōna ea tšoarang libuka. Ka kōpo hopolang hore na ke lingoliloeng life tseo e leng lintho tse kōptjoang ka ho khetheha.