Na U ka Ithaopa?
1 Ka 778 B.C.E., ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e sa tloaelehang. Ka pono, moprofeta Esaia o “bona Jehova, a lutse teroneng e holimo le e phahameng.” Joale Esaia o utloa lirafime li lebisa tlhokomelo khanyeng ea Jehova, li re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova oa mabotho.” E tlameha ebe hoo e bile ho hlollang hakaakang! Ponong eo, Jehova o botsa potso e phephetsang: “Ke tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rōna?” Ha ho tlhaloso e fanoang mabapi le hore na kabelo eo ke ea mofuta ofe kapa hore na motho ea ithaopang o tla rua eng ho eona. Leha ho le joalo, a sa qeaqee, Esaia oa arabela: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”—Esa. 6:1, 3, 8.
2 Moea ona oa ho ithaopela ho etsa eng kapa eng eo Jehova a e kōpang o khetholla batho ba hae. (Pes. 110:3) ’Me hona joale ho etsoa memo e khethehileng ho ba fumanehang. Na u ikemiselitse ho arabela ka moea o ratang, o tšoanang le oa Esaia?
3 Ho na le tlhokahalo e sa khaotseng ea barab’abo rōna ea ho ea sebeletsa Bethele. Sena se hloka hore ba be le takatso e tebileng ea ho beha lithahasello tsa ’Muso pele ’me ba ikemisetse ho etsa eng kapa eng e ka hlokoang ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli lefatšeng ka bophara. (Mat. 6:33) Ha e le hantle, ho sebeletsa ha motho e le setho sa lelapa la Bethele ho mo fa monyetla o khethehileng oa ho sebeletsa Jehova ka moea oohle. Joang?
4 Mosebetsi o Etsoang Bethele: Nahana ka sohle se finyelloang kamehla Bethele ea Afrika Boroa. Bara le barali babo rōna ba 580 bao e leng litho tsa lelapa la Bethele ba na le tokelo ea ho ameha ho tšehetseng haufi-ufi sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene le Sehlopha se Busang sa sona ho hlahiseng Libibele le lingoliloeng tsa Bibele hore li sebelisoe Afrika e ka boroa le thutong ea botho. (Mat. 24:45) Ka mohlala, selemong sena se fetileng sa tšebeletso, ho ile ha hlahisoa libukana tse 5 029 280, limakasine tse 22 745 923 le likopi tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso tse 5 194 484 ’me tsa romela liphuthehong ka lebaka la boiteko bo kopanetsoeng ba lelapa la Bethele e Afrika Boroa. Ho fetohela tokisetsong e nolofalitsoeng ea ho aba lingoliloeng ho ekelitse tlhahiso ea limakasine le libuka haholo. Ka mohlala, hona joale ho hatisoa limakasine tse ka bang limilione tse 3,5 ka khoeli. Lefapha la Thomello hona joale le romela lingoliloeng tse fetang limilione tse tharo khoeli le khoeli liphuthehong tse Afrika Boroa le Malawi, Mozambique, Zambia le Zimbabwe, tseo re li bolokelang thepa. Matšoao ’ohle a bontša hore mosebetsi o tla tsoela pele ho eketseha nakong e tlang. Ho boetse ho fanoa ka tataiso liphuthehong tse fetang 1 500 tse tlas’a lekala la rōna. Ho boetse ho thusoa makala a mang Afrika a amehang boenjiniereng le ho haheng mahae a eketsehileng a Bethele le Liholo tsa Likopano le Liholo tsa ’Muso tse ka bang 8 000 tseo hona joale li hlokahalang linaheng tsa Afrika tse fokolang moruong. Ho hlokahala baithaopi ba makholo ba ka hlokomelang ho hatisoa le ho romeloa ha lingoliloeng, ho hloekisa, ho hlokomela thepa, ho phehoa ha lijo, ho reka, ho hlokomela ba kulang le mesebetsi e meng e mengata Bethele.
5 Ho finyella mosebetsi ona kaofela ho hlahisa mosebetsi o moholohali empa e le o khotsofatsang moeeng. Ho tseba hore matla a rōna kaofela a sebelisetsoa ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli le oa ho ruta ho tlisa thabo e khōlō. Tšebeletso ea Bethele e re thusa ho tseba mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova hamolemo haholoanyane. Re hopotsoa hore mopesaleme o ile a khothalletsa Baiseraele hore ba tsebe haholoanyane setsi sa lefatšeng sa puso ea Molimo mehleng ea bona.—Pes. 48:12, 13.
6 Litlhohonolofatso Tsa Tšebeletso ea Bethele: Ba sebeletsang Bethele ba ikutloa joang ka litokelo tsa bona tsa tšebeletso? Hlokomela litlhaloso tse latelang tsa litho tse nyenyane le tse khōlō tsa lelapa la Bethele. Setho se seng sa lelapa la Bethele se qetileng lilemo tse tharo tsa tšebeletso ea Bethele sea hlalosa: “Ho ba ha ka Bethele ho matlafalitse kamano ea ka le Jehova. Ho sebeletsa ha ka nako e teletsana mona le ho ithuta ka ho eketsehileng kamoo Bethele e sebetsang kateng, ho nthuta botho ba Jehova haholoanyane. Tšebeletso ea Bethele e bile ea mphahlolla hore ke bone hore Jehova o sebelisa batho—batho ba mefuta eohle. ’Me ha ho hlokahale hore u phethahale hore u amohelehe ho eena.”
7 Mora e mong oabo rōna e monyenyane oa hopola: “Ke hopola ke nahana, ‘E tla ba ntho e thabisang hakaakang ho kena lefatšeng le lecha ’me ke bolelle banna ba tšepahalang ba khale hore ho e-na le ho leka ho bokella chelete lefatšeng, ke ile ka sebeletsa Bethele lilemo tse ngata!’”
8 Mor’abo rōna e mong e monyenyane o nahana ka koetliso eo a e fumaneng: “Ho itseba le ho ithuta seo ho hlokahalang hore ke sebeletse ho sona, hammoho le ho hlaolela litšoaneleho tseo, e bile tlhohonolofatso e khōlō. Hona joale ke utloa eka ke khona ho sebeletsa Jehova hamolemonyana. Ke fumana hore ke batla ke e-na le mamello haholoanyane, ke batla ke e-na le boitšoaro haholoanyane hape ke khona ho bontša lerato haholoanyane.”
9 Morali’abo rōna e mong o nahana ka mahlohonolo ao a a fumaneng ho tla fihlela joale: “Mananeo a moea mona a nthutile ho eketsehileng ka Jehova le hore na nka mo etsisa hamolemo joang monahanong, boikutlong le ketsong. ’Me kaha koetliso ke e tsoelang pele, ke tlhohonolofatso e tsoelang pele.”
10 Mor’abo rōna e mong ea nehetseng kakaretso ea lilemo tse 59 tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me tse fetang 43 tsa tsona a le Bethele, o ile a bolela: “Bethele ha e tšoane le lehae la baitlami, joalokaha ba bang ba nahana. Re finyella ho hongata ka lebaka la mokhoa oa rōna oa bophelo o nang le kemiso. . . . Ha ho letsatsi leo nkileng ka tla mosebetsing ’me ka se ke ka thabela seo ke se entseng. Hobane’ng? Hobane ha re ipha Jehova ka pelo eohle, re khotsofatsoa ke ho tseba hore ‘re entse seo re neng re tšoanela hore ebe re se entse.’”—Luka 17:10.
11 Mora e mong oabo rōna ea sebelelitseng Bethele ka lilemo tse 62, o itse: “Ke lumela ka tieo hore Bethele ke sebaka se molemo ka ho fetisisa lefatšeng ka koano ho Paradeise e tlang ea lefatše. Ha ho mohla nkileng ka ikoahlaea le ka motsotsoana ka hore ke ile ka etsa tšebeletso ea nako e tletseng pakane ea ka ea bophelo. E bile thabo e kaakang ho bona le ho kopanela khōlong e khōlō ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova! Boikemisetso ba ka, ka thuso ea Jehova, ke ho tsoela pele ho etsa Bethele lehae la ka le ho sebetsa ka moea oohle ho ntšetseng pele lithahasello tsa ’Muso.”
12 Litho tsena tsa lelapa la Bethele li boletse feela a mang a mahlohonolo a mangata ao u ka a thabelang haeba u ithaopela tšebeletso ea Bethele. Empa joalokaha ho le joalo ka ho amohela tokelo leha e le efe ea tšebeletso, pele u tlameha hore u tšoanelehe. Tse ling tsa lintho tse hlokoang ke life hore motho a sebeletse e le setho sa lelapa la Bethele?
13 Litlhokahalo Bakeng sa Tšebeletso ea Bethele: Litlhokahalo tsa motheo bakeng sa ba kōpang ho ea sebeletsa Bethele li bontšitsoe lebokoseng le tsamaisanang le sehlooho sena. Ho phaella moo, ke habohlokoa hore ba utloisise ho sebetsa ka thata, eseng ho ba “ba ratang menyaka.” (2 Tim. 3:4; 1 Bakor. 13:11) Litho tsa lelapa la Bethele e lokela ho ba banna le basali ba moea ba hlaoletseng mekhoa e metle ea thuto ea botho ’me ba koetlisitse matla a bona a ho lemoha ho “khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheb. 5:14) Khōlo ea bona ea Bokreste e lokela e be e se e ile ea bonahatsoa likarolong tsohle tsa bophelo, ho akarelletsa le moaparo le boitlhopho ba bona, le khetho ea bona ea ’mino le boikhathollo. Litho tsa lelapa la Bethele tse ikemiselitseng li sebetsa kae kapa kae moo li hlokahalang teng. Hangata litho tse nyenyane li fuoa likabelo tse amanang le mosebetsi oa matsoho, o akarelletsang khatiso, ho lokisa thepa le ho e romela, ho boloka thepa e sebetsa, ho hlokomela likamore tsa bolulo, ho hloekisa, ho hlatsoa le ho pheha lijo. (Liprov. 20:29) Leha ho le joalo, ho fapana le mosebetsi oa lefatše, kabelo e ’ngoe le e ’ngoe e tlisa khotsofalo hobane ke tšebeletso e halalelang e isang thoriso ho Jehova.—Bakol. 3:23.
14 Nako e nyenyane eo ba memetsoeng tšebeletsong ea Bethele ba ka e qetang ke selemo. Sena se ba nolofalletsa hore ba koetlisetsoe ho ba basebetsi ba behang litholoana. Tšepo ke hore ba tla khona ho etsa Bethele lehae la bona. Ke ho rata Jehova ho susumelletsang litho tsa lelapa la Bethele ho beha mosebetsi oa ’Muso ka pele ho lithahasello tsa botho, e leng ho thabisang Jehova.—Mat. 16:24.
15 Litlhoko Tsa Hona Joale: Ka lebaka la mofuta oa mosebetsi o etsoang Bethele, hona joale re hloka haholo-holo barab’abo rōna ba masoha. Le hoja e se tlhokahalo, ho fuoa bo-pula-maliboho ba kamehla monyetla oa pele, kaha ba se ba ntse ba le mosebetsing oa nako e tletseng. Ka linako tse ling menyetla e ka ’na ea bulehela baralib’abo rōna ba masoha le banyalani ba lipakeng tsa lilemo tse 19 le 35 ba nang le tsebo e itseng e hlokahalang Bethele. Ho phaella moo, bara le barali ba bang babo rōna bao e ka ’nang eaba ba ka holimo ho lilemo tse 35 empa ba e-na le tsebo le phihlelo e khethehileng e ka sebelisoang Bethele ba khothalletsoa ho etsa kōpo. Ka mohlala, bana ba akarelletsa lingaka tsa meno, baboloki ba libuka tsa khoebo (accountants) ba nang le mangolo, litsebi tsa meralo ea ho haha (architects), lienjiniere, baoki ba nang le mangolo, bo-mek’henike ba petrole le disele, kapa litheknishiene tsa elektronike, ha ho boleloa tse seng kae feela. Leha ho le joalo, ha re khothalletse batho hore ba fumane mangolo a thuto e khethehileng ka monahano oa hore hoo ho tla ntlafatsa menyetla ea hore ba bitsetsoe Bethele. Ba seng ba ntse ba e-na le tsebo e khethehileng, mohlomong pele ba kena ’neteng, ba ka lakatsa ho ngola litšoaneleho tsa bona tsa mangolo a mosebetsi ka bokhutšoanyane ’me ba a qhoaelle le kōpo ea Bethele.
16 Haeba u etsa kōpo ’me u sa memeloe ho tla sebetsa Bethele, u se ke ua nyahama. U ka ’na ua nahana ka ho nchafatsa kōpo ea hao hang selemo se seng le se seng. Bara ba bang babo rōna ba nang le phihlelo le tsebo e khethehileng e ka ’nang ea hlokahala Bethele ba itlhahisitse bakeng sa tšebeletso ea boithaopo ea nakoana. Ba ka ’na ba kōpa ho tla sebetsa Bethele ka nakoana beke e le ’ngoe, tse peli, tse tharo, kapa tse ’nè kapa ho fihlela likhoeling tse tharo. Haeba u thahasella tokisetso ena, ka kōpo ngolla ofisi ea lekala.
17 Ho sebeletsa Jehova haufi-ufi le Bakreste-’moho le uena ke tokelo e babatsehang ho ba sebetsang Bethele. Sehlopha se Busang se ananela moea oa boitelo oa bohle ba itlhahisitseng bakeng sa ho sebeletsa litlhoko tsa mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše ka bophara.—Bafil. 2:20-22; 2 Tim. 4:11.
18 Bacha—Itokisetseng Tšebeletso ea Bethele Hona Joale: Ho itokiselletsa tšebeletso ea Bethele ho qala khale pele motho a ka fihla lilemong tse hlokoang tse 19. Ba banyenyane ba ka itokiselletsa tšebeletso ea Bethele joang? Jesu o ile a re: “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo.” (Luka 14:28) Kaha ho itokisetsa le ho rera ke lintho tsa bohlokoa hore morero leha e le ofe oa mohaho o tle o atlehe, ke habohlokoa hakaakang hore bacha ba lebise tlhokomelo tabeng ea hore na ba haha joang bakeng sa bokamoso ba bona tšebeletsong ea Jehova! Motheo o tiileng o lokela ho raloa qalong bophelong e le hore ba tle ba finyelle lipakane tsa moea. Joaloka mocha, u rala motheo oa hao hantle hakae? Haeba u rata ho sebeletsa Bethele, u tla rua molemo ka ho nahana ka hloko ka se latelang.
19 ‘Etsetsa Sebaka’ Tokelo Ena e Khethehileng ea Tšebeletso: Joalokaha ho tlalehiloe ho Matheu 19:12, Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba ‘etsetse bosoha sebaka.’ Hobane’ng? Eseng ka mabaka a botho, empa “ka lebaka la ’muso oa maholimo.” Ka ho tšoanang Pauluse o ile a khothalletsa tsela e joalo ea “ho sebeletsa Morena kamehla ntle ho tšitiso.” (1 Bakor. 7:32-35) Ka bomalimabe, ba ’maloa ba lahleheloa ke tokelo ea ho sebeletsa Bethele e sa le masoha ka lebaka la ho hahamalla lenyalo ba sa le banyenyane. Re rata ho khothalletsa barab’abo rōna ba bacha hore ba sebelise matla a bona ho phehella tšebeletso ea nako e tletseng ha ba sa ntse ba lokolohile boikarabelong ba lelapa. Joale, haeba ka mor’a nako e itseng ba etsa qeto ea ho nyala, e tla ba banna ba molemo ka lebaka la ho fumana phihlelo e eketsehileng bophelong le tšebeletsong ea Bokreste. Ka mor’a ho sebeletsa lilemo tse seng kae Bethele, ba bang ba nyetse ’me ba ’nile ba tsoela pele ho sebeletsa e le banyalani. Haeba hamorao ba e-ba le litokelo tse ling, tse kang mosebetsi oa ho tsamaea kapa tšebeletso ea boromuoa, ka sebele ba ke ke ba ikoahlaela nako eo ba e behetseng ka thōko bakeng sa tšebeletso ea Bethele.
20 U se ke Ua Sitisoa ke ho Phehella Lintho Tse Bonahalang: Mocha e mong le e mong o tla be a etsa hantle ha a ka ipotsa: ‘Na pakane ea ka ka mor’a hore ke qete sekolong se phahameng ke ho phehella mosebetsi oa lefatše oa nako e tletseng kapa ke ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng?’ Ke ’nete hore ho khetha tsela ea bobeli ho tla hloka boitelo. Empa ho joalo le ka ho phehella mosebetsi oa lefatše! Qetellong, ke tsela efe eo kannete e tlang ho ba le molemo oa nako e telele? Jesu o fane ka karabo e hlakileng. Ho ea ka Matheu 6:19-21, o itse: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe. Ho e-na le hoo, le ipolokele matlotlo leholimong, moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe. Etsoe moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng.” E se eka lipelo tsa rōna le ka mohla li ke ke tsa re etsa hore re phehelle mosebetsi oa lefatše kapa lintho tse bonahalang ho e-na le ho sebeletsa Jehova ka moea oohle. Kaofela ha rōna re tlameha ho hlokomela hore letlotlo feela leo ho leng molemo ho le phehella ke kamano ea rōna e ntle le Jehova, e le hore re ka mo thabisa pelo. (Liprov. 27:11) Ka ho beha Jehova pele bophelong ba rōna ha re sa le banyenyane, re bontša hore na litekanyetso tsa rōna li hokae le hore na ’Muso ke oa bohlokoa hakae ho rōna. Hopola, “tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.” (Liprov. 10:22) Ba bacha ba na le monyetla o babatsehang oa ho bontša hore na lipelo tsa bona li sekametse hokae ka ho busetsa ho hong habohlokoa ho Jehova ka sohle seo a ba fileng sona. Tšebeletso ea Bethele e fana ka monyetla o babatsehang ho ba tšoanelehang.
21 Ba Sebeletsang Bethele ba Tlameha ho Hloeka Boitšoarong: Mopesaleme o ile a botsa: “Mohlankana o tla hloekisa tsela ea hae joang?” A araba: “Ka ho itebela ho ea ka lentsoe la [Jehova].” (Pes. 119:9) Hoo ho ne ho tla akarelletsa ho qoba ntho leha e le efe e amanang le bobolu ba boitšoaro ba tsamaiso ea Satane ea lintho. Litšoantšo tsa bootsoa ka Internet, boitšoaro bo fosahetseng le ba bong bo sa tšoaneng, ’mino o hlephisang boitšoaro, boithabiso bo hlephileng, le ho noa joala ha bana, ke a mang a maraba ao Satane a a sebelisang ho thibela bacha ba rōna ho finyella lipakane tsa moea. Ho hlokahala boikemisetso bo matla ho hanela maqiti ana. Haeba uena joaloka mocha u iphumana u ameha ho leha e le efe ea lintho tsena, bua le baholo phuthehong ea heno ’me u rarolle bothata bona pele u kōpa ho ea sebeletsa Bethele. Ho ba le letsoalo le letle ke habohlokoa bakeng sa ho sebeletsa Jehova ka botlalo.—1 Tim. 1:5.
22 Ithute ho Sebelisana le ba Bang: Tlhokahalo ea bohlokoa ea hore motho a atlehe tšebeletsong ea Bethele ke ho ithuta ho sebelisana le ba bang. Lelapa la Bethele e Afrika Boroa le na le bara le barali babo rōna ba 580 ba limelo tsohle. Le hoja ho se tšoane hona ha botho ho eketsa botle ba moea ba Bethele, ka linako tse ling ho ka hlahisa liphephetso. Haeba u nahana ka tšebeletso ea Bethele, u tla be u etsa hantle ha u ipotsa: ‘Na ke khopeha habonolo ha ba bang ba sa lumellane le ’na ka maikutlo? Na ba bang ba ho fumana ho le bonolo ho sebelisana le ’na?’ Haeba ho hlokahala hore u ntlafatse libakeng tsena, qala ho sebeletsa tabeng eo hona joale. Haeba u etsa joalo, hoo ho tla u thusa ho tloaelana habonolo le bophelo le ho sebetsa le litho tsa lelapa la Bethele.
23 Sebetsa ka thata ho ba motho oa moea ka ho hlaolela kamano e haufi-ufi le Jehova. Hlaolela lenaneo le letle la thuto ea botho, le akarelletsang ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Arolela ba bang litaba tse molemo ka mafolofolo. Ka ho etsa lintho tsena, u tla etsa hore tsoelo-pele ea hao e bonahale. (1 Tim. 4:15) Ba lokisetsang tšebeletso ea nako e tletseng hona joale ba letetsoe ke litebello tse babatsehang hakaakang!
24 Batsoali, Koetlisang Bana ba Lōna: Batsoali ba ka etsa’ng ho khothalletsa bacha ho phehella tšebeletso ea nako e tletseng? Jesu o itse: “E mong le e mong ea rupetsoeng ka ho phethahetseng o tla ba joaloka mosuoe oa hae.” (Luka 6:40) Morutoana ea rupetsoeng hantle ka tlhaho o tla bonahatsa litšoaneleho tse ntle tsa mosuoe oa hae ea inehetseng. Batsoali ba Bakreste ba lokela ho hopola molao-motheo ona ha ba ntse ba sebetsa ka thata ho koetlisa bana ba bona ‘sepheo sa bona e le boinehelo ba bomolimo.’ (1 Tim. 4:7) Kaha bana ba sekametse ho bonahatseng boikutlo ba batsoali ba bona mabapi le lintho tsa moea, batsoali ba tla be ba etsa hantle ha ba ka ipotsa: ‘Na rōna ka borōna re nka mosebetsi o etsoang Bethele e le oa bohlokoa ho ntšetsa pele lithahasello tsa borapeli ba ’nete ba Jehova? Na re hlokomela tlhohonolofatso ea Jehova tokisetsong ea Bethele? Na rea lumela hore bophelo tšebeletsong ea Jehova ke mosebetsi o molemohali oo bana ba rōna ba ka o khethang?’ Ho ananela ha rōna tšebeletso ea Bethele le mosebetsi o etsoang moo ka ho teba ho tla re thusa ho kenya kananelo e tšoanang baneng ba rōna.
25 Elkana le Anna ba ne ba ananela borapeli ba ’nete ka ho teba. Ba ile ba behela batsoali ba Bakreste mohlala oa bohlokoa kajeno. Iseraeleng ea boholo-holo, e ne e le banna ba Baiseraele feela ba neng ba hlokoa hore ba ‘hlahe ka pel’a sefahleho sa Morena oa ’nete, Jehova’ ka makhetlo a mararo ka selemo tabernakeleng. Leha ho le joalo, Elkana o ne a tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 30, e ka ’na eaba e ne e le ka maoto, le lelapa la hae kaofela “selemo le selemo” ho ea etsa sehlabelo setsing sena sa borapeli ba Jehova. (Ex. 23:17; 1 Sam. 1:3, 4, 9, 19; 2:19) Ho totobetse hore hlooho ena ea lelapa e ne e batla hore lelapa lohle la eona le arolelane lintho tsa moea tseo e amehileng ka tsona.
26 Anna o ne a e-na le thahasello e tšoanang le ea monna oa hae borapeling ba ’nete. O ile a ikutloa a tlamehile ho tlatsetsa ho tšehetseng borapeli ba ’nete tabernakeleng. Anna o ile a ikana hore haeba Jehova a ne a ka mo fa mora, o ne a tla fana ka eena hore a sebeletse tabernakeleng. (1 Sam. 1:11) Molao oa Moshe o ne o lumella monna hore a etsolle kano e sa lokelang ea mosali oa hae. (Num. 30:6-8) Leha ho le joalo, ho bonahala Elkana a ile a tiisa kano ea Anna, ho bontša hore le eena o ne a tšehetsa phatlalatso eo ea borapeli ba ’nete!—1 Sam. 1:22, 23.
27 Na mora oa bona Samuele o ile a angoa ka tsela e molemo ke kananelo le moea o motle o bontšitsoeng ke batsoali ba hae? Ho fela ho bile joalo. Ha e sa ntse e le moshanyana, Samuele ka boithaopo le ka botšepehi o ile a hlokomela mesebetsi eo a e abetsoeng ’me o ile a koetlisetsoa litokelo tse eketsehileng tsa bohlokoa tšebeletsong ea Molimo. Thahasello eo Elkana le Anna ba e bontšitseng tšebeletsong ea Samuele tabernakeleng ha ea ka ea fella ka mor’a hore a qale mesebetsi ea hae moo. Ba ’nile ba tsoela pele ho mo etela kamehla ho ea mo khothatsa le ho mo tšehetsa ha a ntse a phehella tšebeletso ea nako e tletseng.—1 Sam. 2:18, 19.
28 Ke mohlala o ikhethang hakaakang oo Elkana le Anna ba o behetseng batsoali ba Bakreste kajeno! Ha bana ba rōna ba utloa ho ananela ha rōna ho tloha botebong ba pelo tokelo ea tšebeletso ea Bethele ’me ba bona moea oa boitelo oo re o bonahatsang ho ntšetseng pele lithahasello tsa ’Muso, le bona ba tla hlaolela pelo ea ho sekamela ho sebeletseng ba bang. Batsoali ba bangata ba atleha ho kenya tšekamelo ena e hahang baneng ba bona. Ngoana e mong ea lilemo li supileng o ile a ngola: “Ha ke hōla, ke batla ho ea Bethele, ’me ke na le lintho tse seng kae tseo ke ratang ho ea li etsa moo. (1) Ho thaepa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, (2) ho sebetsa lefapheng la seo u nang le tsebo ea sona, (3) ho mena liphahlo tse hlatsoitsoeng. Mosebetsi leha e le ofe o teng. Ha ho tsotellehe.” Ho thabisa hakaakang ho bona moea o joalo oa boithaopo o le teng lipelong tsa bana ba rōna!
29 Bacha, hopolang hore “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Joh. 2:17) Tsoelang pele le phehella lipakane tsa moea, ho akarelletsa le tokelo e khethehileng ea tšebeletso ea Bethele. Batsoali, etsisang mohlala oa ba tšepahalang ba nakong e fetileng ba ileng ba khothalletsa bana ba bona hore ba hlaolele boinehelo ba bomolimo. (2 Pet. 3:11) ’Me e se eka kaofela ha rōna re ka phetha karolo ea rōna ho thusa bara le barali babo rōna ba bacha hore ba sebeletse ’Mōpi oa rōna e Moholo ka hohle kamoo ba ka khonang, kaha sena se “e-na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.”—1 Tim. 4:8; Moek. 12:1.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Litlhokahalo Tsa Motheo Bakeng sa Tšebeletso ea Bethele
● E be ba kolobelitsoeng bonyane selemo
● E be motho oa moea ea nang le lerato le tebileng ho Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng
● E be ba phetseng hantle moeeng, kelellong, maikutlong le bophelong ba ’mele
● E be baahi kapa ba lulang Afrika Boroa ka molao
● E be ba khonang ho bala, ho ngola le ho bua Senyesemane hantle
● E be ba lilemo li 19-35