Na ho na le Libuka Tsa Selemo Tse Sieo Laebraring ea Hao?
Kopi e ’ngoe le e ’ngoe ea Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ke pokello ea bohlokoa ea se thabisang se ka baloang. Litlaleho tse hahang tsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso tse tsoang lefatšeng lohle li matlafatsa tšepo ea rōna tataisong ea Jehova, tšireletsong ea hae le tlhohonolofatsong ea hae. Re na le likhatiso tsa Buka ea Selemo tsa Senyesemane tsa lilemo tsena, 1993, 1994 le 2000. Ho boetse ho fumaneha Buka ea Selemo ea 1996 ka Sezulu, ea 1997 ho ea ho 1999 ka Sexhosa, le likhatiso tsa 1997 le 1998 ka Sesotho. Likopi tsena tsa Buka ea Selemo li na le histori e hlollang ea puso ea Molimo ka mosebetsi oa ’Muso libakeng tse hōle-hōle. Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe ho bona hore na ho na le e sieo ea likhatiso tsee tsa Buka ea Selemo laebraring ea hao? Molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le eena ka ho tšoanang o lokela ho hlahloba laebrari e Holong ea ’Muso. Bahoeletsi leha e le bafe kapa liphutheho leha e le life tse batlang likopi tsena tsa Buka ea Selemo joale ba ka li kōpa ka mohlanka oa libuka oa phutheho.