Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka February le March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. April le May: Tsamaisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u etsa maeto a ho boela bathong ba thahasellang, leka ka matla ho tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang. Ho lokeloa ho etsoe boiteko bohle ho qalisa lithuto tsa Bibele.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong eo a mo khethileng o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 March kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se entsoe ho tsebisoe phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte. Bala lengolo leha e le lefe le amohelang menehelo e entsoeng ke phutheho mosebetsing oa lefatše ka bophara le letlōleng leha e le lefe le hlokomeloang ke mokhatlo.
◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba tšebetso ea bo-pula-maliboho bohle ba kamehla. Haeba ho e-na le ba thatafalloang ke ho finyella lihora tse hlokoang, baholo ba lokela ho lokisetsa hore ba thusoe. Bakeng sa litlhahiso, hlahlobang mangolo a selemo le selemo a S-201. Bona le serapa sa 12-20 kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1986.
◼ Sehlooho sa puo ea phatlalatsa e khethehileng nakong ea Sehopotso ka 2003 e tla ba se reng “Na Hora ea ho Ahloloa ha Babylona e Fihlile?” Bona tsebiso e tsamaisanang le ena ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 2002.
◼ Kaha tokisetso ea lipeeletso tse romeloang batho ka poso e ile ea emisoa, ke habohlokoa hore liphutheho li lokolle litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! hang ha li fihla. Sena se tla nolofalletsa bahoeletsi hore ba be le likopi tsa bona ’me ba tloaelane le seo li se fupereng pele ba tsamaisa limakasine tšebeletsong ea tšimo.
◼ Ho qala ka tokollo ea March 1, 2003, khatiso ea mongolo o moholo ea Molula-Qhooa e tla fumaneha ka Sechichewa.
◼ Ho na le lingoliloeng tse latelang le lik’hasete tse bokellaneng setokong. Iphumanele kopi ka ho kenya kōpo ho mohlanka oa libuka:
Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho I—Sesotho
Ho Mamela Mosuoe e Moholo—Seafrikanse
Ho Mamela Mosuoe e Moholo (k’haseteng)—Seafrikanse, Sezulu
Moloko oa Batho o Batla Molimo—Seafrikanse
Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele (k’haseteng)—Seafrikanse, Sexhosa, Sezulu
Ela Hloko Boprofeta ba Daniele—Seafrikanse, Sepedi, Sesotho, Sexhosa, Sezulu