Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 29 December, 2003. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng lipuong tsa beke ea la 3 November ho ea ho la 29 December, 2003. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho sebelisa Bibele tšebeletsong ea tšimo? [be-SU leq. 145 ser. 2, lebokose]
2. Moelelo oa taba o ama tsela eo lengolo le kenyelletsoang ka eona joang? [be-SU leq. 149]
3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hatisa mantsoe a nepahetseng ha u bala temana ea Bibele, hona see se ka etsoa joang? [be-SU leq. 151 ser. 2, lebokose]
4. Re sebelisa keletso ea Pauluse e mabapi le ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo’ joang ha re ruta ba bang, ’me ke hobane’ng ha see se le bohlokoa? (2 Tim. 2:15) [be-SU leq. 153 ser. 2, lebokose]
5. Pauluse o ile a ‘beha mabaka ka Mangolo’ joang? (Lik. 17:2, 3) [be-SU leq. 155 ser. 5–leq. 156 ser. 1]
PUO EA 1
6. Ha re sebelisa thulusi ea rōna e ka sehloohong ea ho etsa lipatlisiso, e leng Bibele, ha re lokisetsa puo, ke hobane’ng ha e le habohlokoa (1) ho hlahloba litemana tse potolohileng taba, (2) ho hlahloba litšupiso tse bohareng ba leqephe, le (3) ho etsa lipatlisiso ka k’honk’hodense ea Bibele? [be-SU leq. 34 ser. 3–leq. 35 ser. 2]
7. Botšepehi ba ’nete bo bontšoa joang hona bo bontšoa ho bo-mang? [w01-SU 10/1 leq. 22-3]
8. Ke eng se bontšang hore Jehova ke ’moloki oa nako ea nepisisang? (Dan. 11:35-40; Luka 21:24) [si-SU leq. 284 ser. 1]
9. Re lokela ho nahana ka mabaka afe ha re etsa qeto ea hore na ke lintlha life tseo re tla li sebelisa puong ka mor’a ho etsa lipatlisiso? [be-SU leq. 38]
10. Ke hobane’ng ha mantsoe a Jesu a mabapi le “matsatsi a Noe” a loketse mehla ea rōna kajeno? (Mat. 24:37) [w01-SU 11/15 leq. 31 ser. 3-4]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Ke joang lengolo la Pauluse le eang ho Filemone le bontšang hore mosebetsi oa Mokreste ke ho thusa ba bang ho ba Bakreste, eseng ho ntlafatsa maemo a sechaba? (Filem. 12)
12. Ho na le phapang efe pakeng tsa ‘ho hoholeha,’ “ho suthela hōle,” le ‘ho oa’? (Baheb. 2:1; 3:12; 6:6) [w99-SU 7/15 leq. 19 ser. 12; w86-SU 6/1 leq. 14 ser. 16-17; w81-SU 7/1 leq. 23 ser. 8 (w80 12/1 leq. 23 ser. 8)]
13. Re ka qoba joang ho etsa hore poleloana e reng “haeba Jehova a rata” e fetohe polelo e tloaelehileng feela? (Jak. 4:15) [cj leq. 171 ser. 1-2]
14. Ho ‘leta le ho lula re hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova’ ho bolela’ng ’me re ka ho etsa joang? (2 Pet. 3:12) [w97-SU 9/1 leq. 19-20]
15. Ke keletso efe ea bohlokoa bakeng sa Bakreste kajeno e fumanoang melaetseng e eang liphuthehong tse supileng tse boletsoeng ho Tšenolo khaolo ea 2 le 3? (Tšen. 2:4, 5, 10, 14, 20; 3:3, 10, 11, 17, 19)