Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/04 leq. 7
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 2/04 leq. 7

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 23 February, 2004. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng lipuong tsa beke ea la 5 January ho ea ho la 23 February, 2004. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. Re ka etsa’ng ho tiisa hore bamameli ba rōna ba utloisisa ka ho hlaka hore na taba eo re e tšohlang e sebetsa joang le hore ka sebele e ba tsoela molemo? [2, be-SU leq. 158 lir. 2-4]

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho khetha mantsoe a rōna ka hloko? [4, be-SU leq. 160 ser. 1 le lebokose la bobeli]

3. Tlhokahalo ea motheo ea puo e molemo e totobalitsoeng ho 1 Bakorinthe 14:9 ke efe, hona re ka sebelisa molao-motheo oo joang ha re ruta? [5, be-SU leq. 161 lir. 1-4]

4. Joalokaha Matheu 5:3-12 le Mareka 10:17-21 li bontša, tšobotsi e ’ngoe e hlahelletseng ea thuto ea Jesu eo re ka e etsisang ke efe? [6, be-SU leq. 162 ser. 4]

5. Ha re le tšebeletsong ea rōna kapa ha re arabela libokeng tsa phutheho, ke hobane’ng ha re lokela ho leka ho sebelisa mantsoe a fetisang mafolofolo, mofuthu le a hlakisang puo? (Mat. 23:37, 38) [7, be-SU leq. 163 ser. 3–leq. 164 ser. 1]

PUO EA 1

6. Sehlooho sa puo ke eng, ’me ha motho a lula a se hopotse hoo ho ka ba molemo joang ha a khetha boitsebiso ba puo le ha a bo hlophisa? [1, be-SU leq. 39 ser. 6–leq. 40 ser. 1]

7. (a) Ho hloeka moeeng ho bolela’ng, hona ke hobane’ng ha bohloeki ba moea bo nkoa e le ba bohlokoa haholo ho feta bohloeki bohle? (b) Bakreste ba ka qoba ho amohela boitšoaro bo litšila bo atileng hakaale lefatšeng joang? [2, w02-SU 2/1 maq. 5-6]

8. Har’a melao-motheo eohle e ka Bibeleng, ke efe eo e leng ea bohlokoa haholoanyane? [3, w02-SU 2/15 leq. 5 lir. 1, 4, 6]

9. Ho rekolohela ke ho etsa’ng, hona Jesu o bonahalitse tšobotsi ee joang? [4, w02-SU 4/15 leq. 25 lir. 4-5]

10. Liproverbia 11:11 e sebetsa joang liphuthehong tsa batho ba Jehova? [7, w02-SU 5/15 leq. 27 lir. 1-3]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. “Sefate sa bophelo” se boletsoeng ho Genese 2:9 se emela’ng? [1, it-2 leq. 247 ser. 4; w99-SU 4/15 maq. 7-8]

12. Ke hobane’ng ha mosali oa Lota a ile a lahleheloa ke bophelo ba hae? (Gen. 19:26) [4, w90-SU 4/15 leq. 18 ser. 10]

13. Tšoantšisong ea boprofeta e ho Genese khaolo ea 24, ke mang ea tšoantšetsoang ke (a) Abrahama, (b) Isaka, (c) mohlanka oa Abrahama, e leng Eliezere, (d) likamele tse leshome le (e) Rebeka? [5, w89-SU 7/1 maq. 27-8]

14. Na Molimo o ile a rera bokamoso ba Jakobo le Esau esale pele? (Gen. 25:23) [6, rs-SU leq. 359 ser. 1]

15. Ke ka tsela efe Ragele e neng e le mohlala o motle oa motho ea ileng a etsa boiteko bo tiileng boo Jehova a ileng a bo hlohonolofatsa? (Gen. 30:1-8) [7, w02-SU 8/1 maq. 29-30]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela