Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/04 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 3/04 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. Haeba batho ba se ba e-na le buka ena, ho ka tsamaisoa buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! April le May: Tsamaisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u khutlela ho batho ba thahasellang, ba ka ’nang ba akarelletsa ba bileng teng Sehopotsong le/kapa liketsahalong tse ling tsa puso ea Molimo empa ba sa kopanele kamehla le mokhatlo o hlophisitsoeng, lebisa tlhokomelo ho tsamaiseng buka ea Rapela Molimo. Ho lokela hore ho etsoe boiteko bohle ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele, haholo-holo haeba batho ba bang ba se ba ithutile buka ea Tsebo le bukana ea Seo a se Hlokang. June: Ithute ho Mosuoe e Moholo. Haeba batho ba re ha ba na bana, tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang. Ha u tsamaisa bukana ena, lebisa tlhokomelo ho qaliseng lithuto tsa lehae tsa Bibele.

◼ Ofisi ea lekala ha e sebetsane le liodara tsa lingoliloeng tse etsoang ke bahoeletsi ka bomong. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli ka ’ngoe pele odara ea khoeli le khoeli ea lingoliloeng tsa phutheho e romeloa lekaleng e le hore bohle ba thahasellang ho fumana lingoliloeng tsa bona ba ka bolella mor’abo rōna ea sebetsanang le lingoliloeng. Re kōpa le hopole hore na ke lingoliloeng life tse etsetsoang kōpo e khethehileng.

◼ Ka kōpo hlokomelang hore Sehopotso sa selemo sa 2005 se tla ba ka Labone la la 24 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Tsebiso ena e etsoa esale pele tjena e le hore barab’abo rōna ba ka beheletsa liholo kapa ba etsa kōpo ea ho li sebelisa haeba ho e-na le liphutheho tse ’maloa tse sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe ’me ho tlameha hore ho fumanoe libaka tse ling. Maemong a joalo, baholo ba lokela ho lumellana le baokameli, ba kholisehe hore ha ho na ho ba le litšitiso tse bakoang ke litšebeletso tse ling tse etsetsoang mohahong oo e le hore mokete oa Sehopotso o tsoele pele ka khotso le ka tsela e laolehileng. Ka lebaka la bohlokoa ba ketsahalo ena, sehlopha sa baholo se lokela ho khetha e mong oa baholo ba tšoanelehang haholoanyane hore a fane ka puo ea Sehopotso ho e-na le hore feela ba chenchane kapa ba sebelise mor’abo rōna a le mong selemo se seng le se seng. Haeba ho e-na le moholo oa motlotsuoa ea nang le bokhoni ea ka fanang ka puo, ho lokela ho khethoe eena.

◼ Re na le tlhoko e tsoelang pele ea barab’abo rōna ba tšoanelehang ba ka thusang Mananeong a Machaba a Kaho Afrika. Re batla barab’abo rōna ba masoha kapa ba nyetseng, ba lipakeng tsa lilemo tse 19 le 55, ba phetseng hantle, le ba leng boemong bo botle liphuthehong tsa habo bona ba tsebang ho betla mapolanka, ho cheseletsa litšepe, ho sebetsana le motlakase, ho haha, ho poleistera, ho penta le ho sebetsana le lipeipi tsa metsi. Ke baholo le bahlanka ba sebeletsang feela ba lokelang ho etsa likōpo. Ho khethoa bo-pula-maliboho pele. U ka abeloa mosebetsi oa libeke tse peli ho ea ho likhoeli tse tšeletseng ho itšetlehile ka hore na u ka sebetsa nako e kae. Haeba u thahasella, ka kōpo ngolla Volunteer Desk, South Africa Bethel bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng le foromo ea kōpo.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Ithute ho Mosuoe e Moholo—Seafrikanse, Searabia, Sechaena, Sechichewa, Sedache, Sefora, Segerike, Sehungary, Sejapane, Sejeremane, Senyesemane, Sepedi, Sepolishe, Sepotoketsi, Serussia, Sesotho, Seswahili, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu.

‘Bona Naha e Ntle’—Seafrikanse, Sechichewa, Sefora, Sejeremane, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Seswahili, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sexhosa le Sezulu.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela