Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/04 leq. 3
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 12/04 leq. 3

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 27 December, 2004. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 1 November ho ea ho la 27 December, 2004. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. E ’ngoe ea litsela tse molemohali tsa ho tsosa thahasello ea bamameli tabeng ke efe? [3, be-SU leq. 218 ser. 3]

2. Lokolisa litšobotsi tse hlano tsa sephetho se sebetsang. [5, be-SU leq. 220 ser. 4–leq. 221 ser. 4]

3. Re ka tiisa joang hore lipolelo tsa rōna li nepahetse? [8, be-SU leq. 224 lebokose]

4. Re ka tiisa joang hore linehelano tsa rōna libokeng li bontša hore re na le tlhompho e phahameng ea karolo eo phutheho e e phethang joaloka “tšiea le setšehetso sa ’nete”? (1 Tim. 3:15) [8, be-SU leq. 224 lir. 1-4]

5. Tabeng ea liketsahalo tsa morao-rao, mantsoe a qotsitsoeng le liphihlelo, re ka sebelisa Liproverbia 14:15 joang? [9, be-SU leq. 225 ser. 1]

PUO EA 1

6. Nako ea ho tloha Moroallong ho khutlela morao pōpong ea Adama e ka baloa joang? [1, si-SU leq. 286 ser. 12]

7. Nako eo Jesu a qalisitseng tšebeletso ea hae ka eona e ka fumanoa joang, hona ho na le motheo ofe oa ho lumela hore e bile lilemo tse tharo le halofo feela? [2, si-SU leq. 291 ser. 16]

8. (a) “Lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape” le tsoile neng? (b) Ho ne ho tla feta lilemo tse kae ho tloha nakong eo ho fihlela ha Jesu a hlaha e le Mesia? (Dan. 9: 24-27) [3, si-SU leq. 291 lir. 18-19]

9. Ho kōpa tšoarelo ka tieo ho fellang ka ‘ho etsa khotso le mor’abo rōna’ ho akarelletsa eng? (Mat. 5:23, 24) [7, w02-SU 11/1 leq. 6 lir. 1, 5]

10. Lengolo la 2 Marena 13:18, 19 le re ruta’ng mabapi le ho phetha mesebetsi eo Molimo a re abetseng eona? [8, w02-SU 12/1 leq. 31 lir. 1-2]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba ka fa mojaki nama e sa ntšoang mali ea phoofolo e shoeleng kapa ba e rekisetsa osele empa bona ka bobona ba ne ba ke ke ba e ja? (Deut. 14:21) [1, w04-SU 9/15 leq. 26]

12. Re ithuta’ng ho Deuteronoma 20:5-7? [2, w04-SU 9/15 leq. 27]

13. Ke hobane’ng ha ho nka “leloala la letsoho kapa tšiloana ea lona e le tebeletso” ho ne ho tšoantšoa le ho nka “moea”? (Deut. 24:6) [3, w04-SU 9/15 leq. 26]

14. Kaha Baiseraele ba ne ba haneloa ho ja mafura a mofuta ofe kapa ofe, ho boleloa’ng ka ho ja ha bona “mafura a lipheleu”? (Deut. 32:13, 14) [3, w04-SU 9/15 leq. 27]

15. Tsela ea Akane ea boetsalibe e tšoana le efe kajeno? (Josh. 7:1-26) [7, w86-SU 12/15 leq. 20 ser. 20]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela