Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 31 October, 2005. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 5 September ho ea ho la 31 October, 2005. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Re ka tiiseha joang hore seo re se rutang ka Lentsoe la Molimo se finyella pelo ea tšoantšetso? (Mat. 13:19) [1, be-SU leq. 258 lir. 1-2, lebokose]
2. Re ka thusoa ke’ng ho tseba se ka pelong ea motho, empa re lokela ho hlokomela eng? [2, be-SU leq. 259 lir. 1-2]
3. Ha re ruta, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hatise litšoaneleho tsa Jehova tse babatsehang? [3, be-SU leq. 260 ser. 1]
4. Re ka thusa liithuti tsa rōna tsa Bibele joang hore li hlokomele likarolo tseo ho hlokahalang hore li ntlafatse ho tsona? [5, be-SU leq. 260 lir. 4-5]
5. Re ka etsa’ng ho thusa liithuti tsa rōna tsa Bibele kapa bamameli ho hlahloba sepheo sa bona sa ho etsa lintho? [7, be-SU leq. 262 lir. 1-2]
PUO EA 1
6. ‘Ho batla Jehova ka tieo’ ho bolela’ng, ’me re ka bontša joang hore re etsa see? (Baheb. 11:6) [1, w03-SU 8/15 leq. 25 ser. 2; leq. 26 lir. 1-2; leq. 27 ser. 2]
7. “Mohlala oa mantsoe a phelisang hantle” ke eng, ’me baholo ba ka bontša joang hore ba tšoarella ho oona? (2 Tim. 1:13, 14) [3, w03-SU 1/1 leq. 29 ser. 3–leq. 30 ser. 1]
8. Mantsoe a reng ‘buka e amoheloang ea Bibele’ a bolela’ng, hona ke lintho life tse rerang hore buka e itseng ea Bibele ke karolo e amoheloang ea Bibele? [4, si-SU leq. 299 lir. 5-6]
9. Ke hobane’ng ha Sekotoana sa Lengolo sa Muratori, sa karolong e qetellang ea lekholo la bobeli la lilemo C.E., e le sa bohlokoa bakeng sa ho tiisa hore Mangolo a Segerike a Bakreste ke karolo e amoheloang ea Bibele? [6, si-SU leq. 302 ser. 19]
10. Mangolo a fana ka tumello efe ea ho fetoleloa ha Bibele, ’me liphetolelo tsa boholo-holo tsa Bibele li phethile morero ofe? [8, si-SU leq. 307 ser. 9]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Na 2 Marena 13:21 e tšehetsa borapeli ba lireliki?
12. Na Ezekiase o ne a entse selekane le Egepeta? (2 Mar. 18:19-21, 25)
13. Le hoja litlaleho tsa histori tsa Assyria li sa bolele ka ho toba hore Jehova o ile a hlōla Sankeribe ka tsela e hlollang, ke’ng seo u bonang se thahasellisa ka se builoeng litlalehong tseo? (2 Mar. 19:35, 36)
14. Ntate oa Shalatiele e ne e le mang? (1 Likron. 3:16-18)
15. Mehleng ea Morena Saule, Barubene, Bagade le halofo ea moloko oa Manase ba behetse bahlanka bohle ba Molimo ba kajeno mohlala o motle joang? (1 Likron. 5:18-22)