Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/05 leq. 7
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 12/05 leq. 7

Litaba Tsa Puso ea Molimo

◼ Re thabela ho le tsebisa hore ho nehetsoe Liholo tse ling Tsa ’Muso tse tšeletseng. Tsona ke tsa: Rheeder Park, Postmasburg, Bethanie, Sterkstroom, Ngqeleni le Masilo.

Jehova o ntse a tsoela pele ho hlohonolofatsa lenaneo la kaho ea Liholo Tsa ’Muso tšimong ea rōna. Selemong sa tšebeletso sa 2005 ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse 40. Haesale selemo sa tšebeletso sa 2006 se qalile, ho se ho hahiloe Liholo Tsa ’Muso tse leshome, ’me li emetse ho neheloa.

Re babatsa e mong le e mong ea kopanetseng ka tsela e itseng kahong ea Liholo Tsa ’Muso le ho tlatsetsa moeeng o motle. Re boetse re leboha haholo ka menehelo ea khoeli le khoeli e tsoang liphuthehong e eang Letlōleng la Liholo Tsa ’Muso. Chelete ea kalimo eo liphutheho tse thusitsoeng ke mokhatlo li e lefang ka botšepehi khoeli le khoeli, ke ea bohlokoa haholo e le hore lenaneo lena le ka tsoela pele.

E se eka bohle ba ka tsoela pele ho tšehetsa ka botlalo Likomiti tsa habo bona Tsa Kaho Tsa Libaka. Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka li batla ho potlakisa lenaneo la kaho selemong sa tšebeletso sa 2006 e le hore li thuse liphutheho tse ka bang 250 tse sa ntseng li hloka Liholo Tsa ’Muso. Ka lebaka leo, ho hlokahala baithaopi ba eketsehileng e le hore moithaopi ka mong a sebelisoe mafelo-beke a le mang feela ka khoeli. Na ho na le tsela eo u ka thusang ka eona? Re rapella hore Jehova a tsoele pele ho hlohonolofatsa boiteko bohle ba ho thusa liphutheho tse hlokang thuso.—Baheb. 2:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela