Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/06 leq. 1
  • Kamoo re ka Lulang re Cheseha Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo re ka Lulang re Cheseha Kateng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Chesehang Moeeng”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Bolelang Litaba Tse Molemo ka Cheseho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Chesehela ho Hasa Molaetsa oa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Na U ‘Chesehela Mesebetsi e Metle’?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 4/06 leq. 1

Kamoo re ka Lulang re Cheseha Kateng

1 Cheseho eo Apolose a ileng a phetha tšebeletso ea hae ka eona e ka ’na ea re hopotsa Bakreste-’moho le rōna ba kajeno bao ka ho khetheha ba chesehelang mosebetsi oa ho bolela. (Lik. 18:24-28) Leha ho le joalo, mantsoe ana a tobisitsoe ho rōna kaofela: “Le se ke la ba botsoa mosebetsing oa lōna. Chesehang moeeng.” (Bar. 12:11) Re ka thusoa ke eng hore re chesehe tšebeletsong ea Bokreste ’me cheseho ea rōna e lule e tuka?

2 Ho Susumetsoa ke Tsebo: Ka mor’a hore barutuoa ba Jesu ba babeli ba mo bone ’me a ‘ba hlalosetse lintho tse amanang le eena ka Mangolong ’ohle,’ ba ile ba buisana ba re: “Na lipelo tsa rōna li ne li sa chese ha a ntse a bua le rōna tseleng?” (Luka 24:27, 32) Ka ho tšoanang, na lipelo tsa rōna ha li tlale nyakallo ha re fumana kutloisiso e eketsehileng ea Lentsoe la Molimo? Ka sebele tumelo e susumetsoa ke tsebo. Ntlheng ena Baroma 10:17 e re: “Tumelo e latela ntho e utloiloeng.” Haeba lipelo tsa rōna li hlile li kholisehile hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala, ka sebele re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re ithutileng tsona!—Pes. 145:7; Lik. 4:20.

3 E le hore re lule re rata Molimo ka matla re bile re chesehela tšebeletso ea hae haholo, ha hoa lekana ho itšetleha feela ka tsebo eo re e fumaneng ha re ne re ithuta nakong e fetileng. Re lokela ho tsoela pele re ntlafatsa tsela eo re utloisisang ’nete ka eona re be re matlafatse lerato la rōna ho Jehova. Haeba re sa etse joalo, hanyane ka hanyane re ka qetella re se re mo sebeletsa hobane re phetha molao feela. (Tšen. 2:4) Lentsoe la Molimo le re khothalletsa ho “tsoela pele . . . ho hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo.”—Bakol. 1:9, 10.

4 Mekhoa ea Rōna ea ho Ithuta: Ka hona, ke hantle hore re hlahlobe mekhoa ea rōna ea ho ithuta. Ka mohlala, re ka ’na ra khona ho tšoaea likarabo sehloohong se ithutoang sa Molula-Qhooa le ho fana ka likarabo tse nepahetseng. Empa, na re bala mangolo a bontšitsoeng ebe rea ipotsa hore na re ka a sebelisa joang bophelong ba rōna? Tabeng ea ’malo oa Bibele oa beke le beke, na re etsa boiteko ba ho etsa lipatlisiso tse eketsehileng haeba maemo a rōna a re lumella, ebe re nahanisisa ka hore na re ithuta eng ’malong oo oa Bibele? (Pes. 77:11, 12; Liprov. 2:1-5) Ho molemo hakaakang ho nahanisisa le ho ikakhela ka setotsoana Lentsoeng la Molimo! (1 Tim. 4:15, 16) Ho ithuta ka tsela e tebileng joalo ho tla matlafatsa lipelo tsa rōna le ho re fa matla a ho ba ba “chesehelang mesebetsi e metle.”—Tite 2:14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela