Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/06 leq. 7
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 4/06 leq. 7

Litaba Tsa Puso ea Molimo

◼ Namibia: Liphutheho tsa Gobabis le Narraville (Walvis Bay) li ile tsa thaba ha David Splane, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, a nehela Liholo tsa tsona Tsa ’Muso mafelo-bekeng a ho qetela a January. Mor’abo rōna Splane o ile a boela a fana ka puo ho bamameli ba bangata Windhoek.

◼ Afrika Boroa: Phutheho ea Thaba-Nchu North e ile ea thaba ha Holo ea eona ea ’Muso e neheloa.

◼ Re thabela ho le tsebisa hore phutuho ea tšimo e sa abuoang ea 2005 e bile e molemo ka ho fetisisa tšimong ea rōna. Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba bahoeletsi ba 15 810 ba liphutheho tse 639 tsa Afrika Boroa, Botswana, Lesotho, Namibia le Swaziland ba ileng ba kopanela phutuhong ena. Mosebetsi oa bona o ile oa fella ka hore batho ba thahasellang ba sieloe libuka tse 7 383, libukana tse 81- 671 le limakasine tse 104 239. Ba entse maeto a ho boela a 19- 093 ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse 1 897. Ntho e khothalitseng le ho feta ke hore ho tlalehiloe lihora tse 147 054, e leng keketseho e fetang tlhōro ea 2004 ka 36%. E se eka Jehova a ka tsoela pele ho hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho arabela pitsong ea ho phatlalatsa ’Muso oa hae ka matla a maholo phutuhong ea tšimo e sa abuoang ea 2006.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela