Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Le Lule le Lebetse!, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, le Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? October: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!
◼ Ho tloha bekeng ea la 8 January, 2007, re tla ithuta buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! Thutong ea Buka ea Phutheho. Liphutheho li lokela ho ba le setoko se lekaneng sa buka ea Tlhōrō ea Tšenolo pele nako eo e tla ithutoa ka eona e fihla.
◼ Bangoli ba liphutheho ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba na le Lengolo la ho Khethoa ha Pula-maliboho (S-202) bakeng sa pula-maliboho e mong le e mong oa kamehla phuthehong. Haeba le le sieo, ba lokela ho ngolla ofisi ea lekala.
◼ Setoko sa libuka le limakasine tsohle tse teng se lokela ho baloa ka la 31 August, 2006, kapa kapele ka mor’a moo. Tsela eo setoko sena se baloang ka eona e tšoana le eo mohokahanyi oa libuka a balang setoko ka eona khoeli le khoeli, ’me kakaretso e lokela ho ngoloa foromong ea Leqephe la Setoko sa Libuka (S-18). Palo-kakaretso ea limakasine tse teng e lokela ho fumanoa ho (ba)mohlanka oa limakasine. Mongoli oa phutheho e hokahanyang o lokela ho hlophisa mosebetsi oa ho bala setoko. Eena le molebeli ea okamelang oa phutheho e hokahanyang ba tla saena foromo eo. Phutheho ka ’ngoe e hokahanyang e tla amohela liforomo tse tharo tsa Leqephe la Setoko sa Libuka. Ka kōpo romelang foromo ea “original” ofising ea lekala pele ho la 6 September. Bolokang kopi e ’ngoe lifaeleng tsa lōna. Kopi ea boraro e tla ba eo ho sebeletsoang ho eona.