Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 30 October, 2006. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 4 September ho ea ho la 30 October, 2006. [Tlhokomeliso: Moo ho sa bontšoang mohloli oa boitsebiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Ke hobane’ng ha botsitso e le ba bohlokoa ha re fana ka puo, ’me re ka fokotsa ho tšoenyeha ha rōna joang? [La 11 Sept. be-SU leq. 135 ser. 5–leq. 137 ser. 2, mabokose]
2. Ha re botsoa ka seo re se lumelang, ke hobane’ng ha re lokela ho leka ka matla ho sebelisa Bibele ha re araba? [La 9 Oct., be-SU leq. 143 lir. 1-3]
3. Re ka atleha haholoanyane joang ho sebelisa Bibele? [La 16 Oct., be-SU leq. 144, lebokose]
4. Ke hobane’ng ha ho sebelisa Bibele khafetsa e le habohlokoa ha re ruta tšebeletsong, hona re ka khothalletsa tšebeliso ea eona joang libokeng tsa phutheho? [La 23 Oct., be-SU maq. 145-6, mabokose]
5. Re na le lipakane life tse peli ha re kenyelletsa lengolo? [La 30 Oct., be-SU leq. 147 ser. 2]
PUO EA 1
6. Bukeng ea Lipesaleme ho na le molaetsa ofe o phelang? [La 18 Sept., si-SU leq. 104 ser. 23]
7. Liproverbia li ile tsa ngoloa le ho bokelloa neng? [La 2 Oct., si-SU leq. 107 ser. 5]
8. Liproverbia (maele) ke eng, hona ke hobane’ng ha sehlooho sa buka ee ka Seheberu e le se loketseng? [La 9 Oct., si-SU leq. 107 ser. 6]
9. Ho Liproverbia 2:1-5, ho boleloa’ng ka khothatso ea ho tsoela pele ho batla tsebo, kutloisiso le temoho ‘joaloka silevera, le joaloka matlotlo a patiloeng’? [La 16 Oct., be-SU leq. 38 ser. 4] 10. Buka ea Liproverbia e senola morero oa eona o molemo joang? [La 23 Oct., si-SU leq. 109 ser. 19]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Davida o ile a ‘tšelisa le ho khutsisa moea oa hae joaloka ngoana ea sa tsoa khoesoa ha a le ho ’m’ae’ joang, ’me re ka mo etsisa joang? (Pes. 131:1-3)
12. Ho ka fumanoa matšeliso afe mantsoeng a bululetsoeng a Pesaleme ea 139:7-12?
13. Ke mehlala efe e meng ea boholo ba Jehova e boletsoeng ho Pesaleme ea 145 eo re ka mo rorisang ka eona lithapelong tsa rōna le tšebeletsong ea phatlalatsa? (Pes. 145:3)
14. Ho tšaba Jehova ke “tšimoloho ea tsebo” le “qalo ea bohlale” ka tsela efe? (Liprov. 1:7; 9:10)
15. Ho Liproverbia 7:1, 2, mantsoe a reng “lipolelo tsa ka” le “litaelo tsa ka” a akarelletsa eng?