Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/07 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 3/07 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April le May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! June: Lekunutu la Thabo ea Lelapa.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 March kapa kapele ka mor’a moo. Haeba ho e-na le ak’haonte e ’ngoe ea banka, e kang ea tokiso kapa ea kaho, ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa hore le eona e hlahlojoe. Ha (li)ak’haonte eo e se e hlahlobiloe, phutheho e lokela ho tsebisoa nakong ea tlaleho e latelang ea liak’haonte. Liphutheho tse entseng kōpo ea ho ngolisoa e le Mekhatlo e Ruisang Sechaba Molemo (li-PBO) li kōptjoa hore li romele liak’haonte tsa tsona tsa December, January le February ofising ea lekala ha li se li hlahlobiloe. Li lokela ho romeloa Accounting Office.

◼ Liphutheho li lokela ho fa bahoeletsi limakasine tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! hang feela ha li fihla. Sena se tla thusa bahoeletsi hore ba tsebe boitsebiso ba limakasine tseo pele ba li tsamaisa tšebeletsong ea tšimo.

◼ Ofisi ea lekala ha e sebetsane le liodara tsa lingoliloeng tseo bahoeletsi ba iketsetsang tsona ka bomong. Bahoeletsi ba lokela ho odara lingoliloeng tsa bona phuthehong. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli ka ’ngoe pele odara ea khoeli le khoeli ea lingoliloeng tsa phutheho e romeloa lekaleng, e le hore bohle ba thahasellang ho iphumanela lingoliloeng ba ka tsebisa mor’abo rōna ea hlokomelang lingoliloeng. Re kōpa hore le hopole hore na ke lingoliloeng life tse fumanoang ka odara e khethehileng. Phutheho e lokela ho li odara hafeela ho e-na le batho ba li odarileng ka ho khetheha. Literature Request Form (S-14) e lokela ho romeloa ka potlako khoeli ka ’ngoe.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara livolume tsa 2006 tsa The Watchtower le Awake! Livolume tsena li tla fumaneha ka Sechaena (Se Tloaelehileng), Sefora, Senyesemane le Sepotoketsi. Ho fihlela ha livolume tsena li fumaneha ’me li romeloa, li tla hlaha tlas’a “Pending” mathathamong a lintho tse rometsoeng phuthehong. Livolume tsena li fumaneha ka odara e khethehileng.

◼ Haeba u robatsoa sepetlele ’me u batla hore baholo ba phutheho ea heno kapa ba sebeletsang Sehlopheng se Etelang Bakuli ba tsebisoe lebitso la hao, re kōpa hore u tsebise ba sepetlele hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me u kōpe hore ho ngoloe hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Hlalosa hore u ka rata ho eteloa ke mosebeletsi oa Lipaki Tsa Jehova.

◼ Baholo, haholo-holo Balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho, ba lokela ho tiisa hore mohoeletsi e mong le e mong ea kolobelitsoeng ea sehlopheng sa bona o tlatsitse karete e ncha ea DPA joalokaha ho laetsoe puong ea seboka sa tšebeletso sa beke ea la 22 January, 2007, le lengolong la la 8 October, 2006, le eang ho lihlopha tsohle tsa baholo.

◼ Bahlanka ba lingoliloeng ba lokela ho hlokomela hore ha ho sa na sete ea lialbamo tse hlano tsa Sing Praises to Jehovah—On Audiocassette (csLsb) tse sebelisoang libokeng tsa phutheho, kahoo ha baa lokela ho e odara. Ho e-na le hoo, ba lokela ho odara sete ea li-CD tse robeli tsa Sing Praises to Jehovah—On Compact Disc (cdsb).

◼ Kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng ea Sepotoketsi e tla tšoaroa ka la 3 March, 2007. Kopano ea potoloho ea Sepotoketsi e tla tšoaroa ka la 21 le la 22 July, 2007. Likopano tsena ka bobeli li tla tšoareloa Holong ea Kopano ea Eikenhof, Johannesburg.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Lula U Hopola Letsatsi la Jehova (jd)—Seafrikanse, Sefora, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa, Sezulu

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste (bi7)—Sechichewa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela